Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa

KetaPele

Kgaolo 1: Dinehelano tsa Motheo

Kgaolo 2: Bili ya Ditokelo

Kgaolo 3: Mmuso wa Kopanelo

Kgaolo 4: Palamente

Kgaolo 5: Mopresidente le Lekgotla la Naha la Phethahatso

Kgaolo 6: Diprovense

Kgaolo 7: Mmuso wa Selehae

Kgaolo 8: Makgotla le Tsamaiso ya Toka

Kgaolo 9: Metheo ya Puso e Tshehetsang Molaotheo wa Demokrasi

Kgaolo 10: Tsamaiso ya Setjhaba

Kgaolo 11: Ditshebeletso tsa Tshireletso

Kgaolo 12: Baetapele ba Setso

Kgaolo 13: Ditjhelete

Kgaolo 14: Dipehelo ka Kakaretso

Shejulu 1: Folakga ya Naha

Shejulu 1A: Dibaka tsa Diprovense

Shejulu 2: Dikano le Boitlamo

Shejulu 3: Ditsamaiso tsa Dikgetho

Shejulu 4: Dibaka tsa Tshebetso tsa Bokgoni le Tshebedisano ya Setjhaba le Bokgoni ba Molao wa Provense

Shejulu 5: Dibaka Tsa Mesebetsi Tse Ikgethileng Tsa Lekgotla La Molao La Provense

Shejulu 6: Ditlhophiso tsa Nakwana

Shejulu 7: Melao e Hlakotsweng

KetaPele

Rona, batho ba Afrika Borwa,

Re elellwa ho ba le leeme ha rona nakong e fetileng;

Re tlotla ba hlokofaditsweng ka lebaka la toka le tokoloho naheng ya rona;

Re tlotla ba ileng ba sebeletsa ho aha le ho ntshetsa pele naha ya rona; mme

Re dumela hore Afrika Borwa ke naha ya bohle ba phelang ho yona, re kopane le ha re fapane.

Ka lebaka lena, ka tataiso ya baemedi ba rona ba kgethilweng ka bolokolohi, re ananela Molaotheo e le molao o ka sehloohong wa Rephaboliki hore o tle -

  • Fedise diphapang tse fetileng mme re thehe setjhaba se itshetlehileng hodima maemo a demokrasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa motheo tsa botho;
  • Thehe metheo ya setjhaba sa demokrasi le se lokolohileng moo mmuso o itshetlehileng ka ditabatabelo tsa setjhaba mme moahi e mong le e mong a sireleditswe ke molao ka ho lekana;
  • Ntlafatse maemo a bophelo a baahi bohle mme ho be ho kgothaletswe bokgoni ba motho e mong le e mong; le
  • Ho aha Afrika Borwa e kopaneng le ya demokrasi e phethahetseng e le puso e nang le boikemelo hara matjhaba.

Modimo o ke o sireletse batho ba bo rona.
Nkosi Sikelel’ifrika.
Morena boloka setjhaba sa heso.
God seën Suid-Afrika.
God bless South Africa.
Mudzimu fhatutshedza Afurika.
Hosi katekisa Afrika.

This work was created and first published in South Africa and is in the public domain because it is an official text of a legislative, administrative or legal nature, or an official translation of such a text.

According to the Copyright Act, 1978, § 12 (8) (a), "No copyright shall subsist in official texts of a legislative, administrative or legal nature, or in official translations of such texts[.]"


As an edict of a government, it is also in the public domain in the United States.

|

Public domainPublic domainfalsefalse