Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 1

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 1: Dinehelano tsa Motheo

1. Rephaboliki ya Afrika Borwa
1. Rephaboliki ya Afrika Borwa ke naha ya puso ya setjhaba ka setjhaba e ikemetseng mme e thehilwe hodima maemo a latelang:
a. Seriti sa botho, katleho ya tekano le tswelopele ya ditokelo tsa botho le bolokolohi.
b. Ho se kgetholle ho ya ka morabe le bong.
c. Bookamedi ba Molaotheo le taolo ya molao.
d. Kgetho e akaretsang ya batho ba baholo, lenane la kgetho la naha yohle, dikgetho tsa ka mehla le tsamaiso ya mekga e mengata ya mmuso wa demokrasi, ho kgothaletsa boikarabelo, ho tsotella le ho hloka sephiri.

2. Bookamedi ba Molaotheo
Molaotheo o okametse melao yohle ya Rephaboliki, molao kapa boitshwaro bo sa dumellaneng le Molaotheo ha bo a loka mme ditshwanelo tseo o di behang di lokela ho phethwa.

3. Boahi
1. Boahi ba Afrika Borwa bo kenyeletsa bohle.
2. Baahi bohle ba—
a. lekana ka ditokelo, ditshwanelo le melemo ya boahi; le
b. maikarabelo a lekanang a boahi.
3. Molao wa naha o lokela ho hlophisetsa phihlello, tahlehelo le poloko ya boahi.

4. Pina ya naha
Pina ya naha ya Rephaboliki e taolong ya Mopresidente ka phatlalatso.

5. Folakga ya naha
Folakga ya naha e na le botsho, botala, mmala wa kgauta, bosweu , bokgubedu le botala ba lehodimo, jwalo ka ha e hlalositswe ya ba ya takwa Shejulung 1.

6. Dipuo
1. Dipuo tsa semmuso tsa Rephaboliki ke Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdenbele, isiXhosa le isiZulu.
2. Ho elellwa ho qepha ha tshebediso ya puo tsa batho ba rona dilemong tse fetileng le maemo a tsona, mmuso o tshwanetse ho etsa mekutu ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena.
3. a. Mmuso wa naha le wa diprovense e ka sebedisa dipuo tse itseng tsa mmuso bakeng la mesebetsi ya mmuso, ho hlokometswe tshebediso, maemo a ditaba, ditshenyehelo, maemo mabatoweng le ho hlophiswa ka tekano ditlhoko le boikgethelo ba baahi bohle kapa provenseng e amehang; empa mmuso wa naha le mmuso wa provense ka nngwe e lokela ho ba le bonyane dipuo tse pedi tsa mmuso.
b. Bomasepala ba hlokomele tshebediso ya puo le boikgethelo ba baahi ba yona.
4. Mmuso wa naha le diprovense, ka ho sebedisa molao le maemo, e lokela ho laola le ho hlokomela tshebediso ya dipuo tsa mmuso. Re sa kgelohe dipehelong tsa karolwana (2), dipuo tsohle tsa mmuso di lokela ho lekana ka maemo mme di tshwarwe ka ho tshwana.
5. Lekgotla la Dipuo la Afrika Borwa le thehilweng ka molao wa naha le lokela ho—
a. phahamisa, ho kgothalletsa le ho theha maemo a ho ntshetsa pele le tshebediso ya—
i. dipuo tsohle tsa semmuso;
ii. dipuo tsa Khoi, Nama le San; mmoho le
iii. puo ya matsoho
b. ho phahamisa le ho hlompha—
i. dipuo tsohle tse sebediswang ka mehla ka hara Afrika Borwa, ho kenyeletswa German, Greek, Gujarati, Hindi, Portuguese, Tamil, Telegu le Urdu; le
ii. Arabic, Hebrew, Sanskrit le dipuo tse ding tse sebedisetswang bodumedi Afrika Borwa.