Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 12

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 12: Baetapele ba Setso

211. Kananelo
1. Mokgatlo, maemo le mosebetsi wa borena, di a ananelwa ho ya ka molao wa setso ho itshetlehilwe Molaotheong.
2. Bolaodi ba setso bo ananelang tsamaiso ya molao wa setso e ka nna ya sebetsa ho ya ka molao ofe kapa ofe le melao ya setso e ka sebediswang, mme e kenyeletsa diphetoho ho kapa ho phumulwa ha molao oo kapa melao ya setso.
3. makgotla a ahlole ka molao wa setso moo ho loketseng teng empa ho itshetlehilwe ka Molaotheo le molao ofe kapa ofe o sebetsanang le molao wa setso.

212. Mosebetsi wa marena
1. Molao wa naha o ka lokisetsa mosebetsi wa borena e le mokgatlo wa selehae ditabeng tse amang setjhaba.
2. Ho sebetsana le ditaba tse tsamaelanang le borena, mosebetsi wa marena, molao wa naha le meetlo ya setjhaba tse ananelang tsamaiso ya molao wa setso—
a. molao wa naha kapa provense o nehelana ka ho ahuwa ha matlo a marena; le
b. molao wa naha le ka theha lekgotla la marena.