Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 11

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 11: Ditshebeletso tsa Tshireletso

198. Metheo e laolang
1. Metheo e latelang e laola tshireletso ya naha ka hara Rephaboliki:
a. Tshireletso ya naha e lokela ho paka maikemisetso a MaAfrika Borwa, ka bong le ka kakaretso jwalo ka setjhaba, hore ba phele jwalo ka batho ba maemo a lekanang, ba phela ka kgotso le kutlwano, ba se na tshabo, ba sa hloke, mme ba ipatlela bophelo bo lokileng.
b. Ho nkuwe qeto ya ho phela ka kgotso le kutlwano ho thibela moahi e mong le emong wa Afrika Borwa ho ka lwana ntweng, setjhabeng kapa matjhabeng, ka ntle ha ho hlalositswe ho ya ka Molaotheo kapa molao wa naha.
c. Tshireletso ya setjhaba e tshwanetse e phepetswe ka ho latela molao, ho kenyeletswa molao wa matjhabatjhaba.
d. Tshireletso ya setjhaba e ka tlasa bolaodi ba Palamente le lekgotla la phethahatso la naha.

199. Ho thehwa, sebopeho le taolo ya ditshebeletso tsa tshireletso tsa naha
1. Ditshebeletso tsa tshireletso ya Rephaboliki di bopilwe ka makgotla a tshireletso a ngatanngwe, tshireletso ya sepolesa e ngatanngwe mme ditshebeletso tsa mahlale tse thehilweng ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo.
2. Lebotho la tshireletso ke lona feela lebotho la sesole le dumeletsweng ka molao Rephaboliking.
3. Ntle le ditshebeletso tsa tshireletso tse thehilweng ka dipehelo tsa Molaotheo ho ka nna ha thehwa dihlopha tse ding tsa mekgatlo ya tshireletso kapa ditshebeletso tse ding ho ya ka molao wa naha.
4. Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho hlophuwa ho ya ka dipehelo tsa molao wa naha di be di laolwe ka ona.
5. Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho sebetsa mme di rute ditho tsa bona ho sebetsa ka tataiso ya Molaotheo le hammoho le se tlwaelehileng molaong wa matjhaba le ditumelano tse entsweng le ditjhaba tse ding tse tlamang Rephaboliki.
6. Ho se be teng setho sa ditshebeletso tsa tshireletso se phethisang taelo eo ho leng pepeneneng hore e fosahetse.
7, Ditshebeletso tsa tshireletso kapa ditho tsa tsona ha di dumellwe ho tswellisa ditshebetso tsa tsona ka mokgwa o—
a. sitisang ditabatabelo tsa mokga o itseng wa sepolotiki ha di dumellwa ke Molaotheo; kapa
b. ntshetsang pele ditabatabelo tsa sephiri tsa mokga wa sepolotiki.
8. Ho fana ka tshebetso e bonahalang ditheong tsa ho sebeletsa pepeneneng le ka boikarabelo, dikomiti tsa mekga e mengata ya palamente e lokela ho hlokomela ditshebeletso tsohle tsa tshireletso ka tsela e laolwang ke molao wa naha kapa melao le ditaelo tsa Palamente.

Tshireletso

200. Lebotho la tshireletso
1. Lebotho la tshireletso le lokela ho hlophuwa le ho tsamaiswa jwalo ka lebotho la sesole.
2. Sepheo sa Lebotho la Tshireletso ke ho tshireletsa, hlokomela le polokeho ya Rephaboliki, paballo ya naha le batho ba yona ka moo dipehelo tsa molao wa matjhaba o laolang tshebediso ya dikgoka ka teng.

201. Boikarabelo ba Sepolotiki
1. Setho sa kabinete se lokela ho ikarabella bakeng mererong ya tshireletso.
2. Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso, a ka dumela tshebediso ya lebotho la tshireletso—
a. tshebedisanong mmoho le ditshebeletso tsa sepolesa;
b. ho sireletsa Rephaboliki; kapa
c. ho phethisa ditshwanelo tsa matjhaba.
3. Ha lebotho la tshireletso le sebedisetswa lebaka lefe kapa lefe le boletsweng karolwaneng (2), Mopresidente o lokela ho tsebisa Palamente ka pele le ho fana ka dintlha tse felletseng, ka—
a. mabaka a ho sebediswa a lebotho la tshireletso;
b. sebaka moo lebotho le tla sebediswa teng;
c. ho tla sebediswa batho ba bakae; le
d. nako eo lebotho le tla sebediswang ka yona.
4. Haeba Palamente e sa kopane matsatsing a supileng ka mora hore lebotho la tshireletso le sebediswe jwalo ka ha ho hlalositswe karolwaneng (2), Mopresidente o lokela ho fana ka tsebiso e hlokahalang ya karolwana (3) komiting e nepahetseng e hlokometseng.

202. Taelo ya mabotho a tshireletso
1. Jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, Mopresidente ke Molaodi e Moholo wa Mabotho a Tshireletso mme o lokela ho thonya molaodi wa lebotho la sesole sa tshireletso.
2. Taelo ya mabotho a tshireletso e tsamaiswe ka taolo ya setho sa Kabinete se ikarabelang mererong ya ditshireletso.

203. Maemo a tshireletso ya naha
1. Mopresidente a ka phatlalatsa nako ya maemo a tshireletso naha empa o lokela ho tsebisa Palamente a bile a hlahisa dintlha ka botlalo—
a. ka mabaka bakeng la kgweletso;
b. sebaka seo lebotho la tshireletso le rometsweng;
c. le palo ya batho ba amehang.
2. Haeba Palamente e sa kopana nakong ya phatlalatso ya maemo a tshireletso ya naha, Mopresidente o lokela ho bitsetsa Palamente kopanong e potlakileng pele ho feta matsatsi a supileng ka mora kgweletso.
3. Maemo a nako ya tshireletso ya naha a iphetela feela ntle le ha Palamente e ananela kgweletso pele ho feta matsatsi a supileng.

204. Bongodi ba baahi tshireletsong
Bongodi bo bopilweng ka baahi bo tshwanetse ho thehwa ke molao wa naha ho ka sebetsa ka tlasa setho sa Kabinete se ikarabelang mererong ya tshireletso.

Seponesa

205. Seponesa
1. Ditshebeletso tsa seponesa sa naha di lokela hore di ralwe ka mokgwa oo ka ona di tlang ho sebetsa naheng yohle, diprovenseng le metseng.
2. Molao wa naha o lokela ho rala taba ya matla le mesebetsi ya ditshebeletso tsa seponesa, o be o etse seponesa se kgone ho phetha mesebetsi ho nahannwe ditlhoko tsa provense.
3. Maikemisetso a seponesa ke ho thibela le ho fuputsa tlolo ya molao le botlokotsebe, ho tsitsisa maemo hara baahi le hore se sireletse se be se ntlafatse paballeho ho baahi bohle ba Rephaboliki le thepa ya bona.

206. Boikarabelo ba sepolotiki
1. Setho sa Kabinete se lokela ho ikarabela ho tsa seponesa mme se qaqe leano la naha la tsamaiso ya seponesa, ha a rerisane le mebuso ya diprovense a bile a hlokometse le ditlhoko tsa diprovense tse hlwauweng ke phethahatso ya provense.
2. Maano a naha a boponesa a ka nehelana bakeng la maano a fapaneng diprovenseng tse fapaneng ka mora ho nahana ka ditlhoko tsa diprovense tseo.
3. Provense ka nngwe e tlamehile ho—
a. hlokomela boitshwaro ba maponesa;
b. hlokomela mosebetsi o hlwahlwa wa tshebetso ya seponesa ho kenyeletswa le ho amohela ditlaleho ka tshebeletso ya seponesa;
c. ntshetsa pele dikamano tse ntle mahareng a seponesa le setjhaba;
d. hlahloba ho atleha ha bopolesa bo bonahalang; le
e. hokahanya le setho sa Kabinete se ikarabellang boponeseng mabapi le bosenyi le boponesa provenseng.
4. Phethahatso ya provense e ikarabella mesebetsing ya boponesa—
a. e behilwe ho yona ho ya ka Kgaolo ena;
b. e filwe mosebetsi ona ho ya ka molao wa naha; le
c. ho abelwa yona leanong la naha.
5. Hore ho tle ho phethehe mesebetsi e ngotsweng Karolong (3), provense—
a. e ka fuputsa kapa ya kgetha khomishene ya dipatlisiso ka ditletlebo dife kapa dife tsa ho se sebetse hantle kapa ho hloka kamano mahareng a seponesa le boponesa; le
b. e lokela ho etsa dikgothaletso ho setho sa Kabinete ya ikarabellang boponeseng.
6. Ha a fumana tletlebo e tlisitsweng ke lekgotla la provense la phethahatso, mokgatlo wa ditletlebo wa seponesa o ikemetseng o thehilweng ke molao wa naha o lokela ho fuputsa boitshwaro bo bobe kapa molato o etswang ke setho sa tshebeletso ya seponesa provenseng.
7. molao wa naha o lokela ho fana ka moralo wa ho theha matla, mesebetsi le ho laolwa ha ditshebeletso tsa seponesa sa masepala.
8. Komiti e nang le setho sa Kabinete le ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tse ikarabellang ho hlokomela boponesa e lokela ho thehwa ho hlokomela tshebedisano e matla mahareng a mafapha a mmuso.
9. Lekgotla la ketsamolao la provense le ka nna la kopa khomishenara ya provense ho hlaha ka pela lona kapa dikomiti dife kapa dife ho arabela dipotso.

207. Taolo ya tshebeletso ya seponesa
1. Mopresidente, e leng hlooho ya phethahatso ya naha o lokela ho thonya mosadi kapa monna hore e be Mokhomishene wa Seponesa sa Naha ya tlang ho laola le ho tsamaisa ditshebeletso tsa seponesa.
2. Mokhomishenara wa Seponesa sa naha o lokela ho laola le ho tsamaisa ditshebeletso tsa seponesa ka tataiso ya leano la naha la seponesa le setho sa Kabinete se ikarabelang mererong ya seponesa.
3. Mokhomishenara wa Seponesa sa naha o lokela ho thonya mosadi kapa monna ho ba mokhomishenara provenseng ka nngwe, ho ya ka taolo ya molao wa naha.
4. Bakhomishenara ba diprovense ba ikarabela tsamaisong ya seponesa—
a. jwale ka ha ho ngotswe molaong wa naha; le
b. tlasa taolo ya Mokhomishenara wa Naha ya ho laola le ho c. tsamaisa ditshebelletso tsa seponesa ka dipehelo tsa karolwana (2).
5. Khomishenara wa provense o lokela ho tlalehela lekgotla la ketsamolao la provense selemo se seng le se seng ka tsa boponesa provenseng, mme a romele kgatiso ya tlaleho ho Khomishenara ya Naha.
6. Haeba khomishenara wa provense a se a sa tshetjwe ke lekgotla la phethahatso la provense, lekgotla leo la phethahatso le lokela ho nka mehato ya ho tebela kapa ho fallisa kapa ho diha kotlo mabapi le khomishenara eo ho ya ka molao wa naha.

208. Bongodi ba baahi seponeseng
Bongodi ba baahi ba tshebeletso ya seponesa bo lokela ho thehwa ke molao wa naha e le ho sebetsa ka tlasa tataiso ya setho sa Kabinete se ikarabellang ka tsa boponesa.

Mahlale

209. Ho thehwa le taolo ya ditshebeletso tsa mahlale
1. Ditshebeletso dife kapa dife tsa mahlale ntle ho makala a mahlale a ditshebeletso tsa tshireletso le tsa seponesa, di ka thehwa feela ke Mopresidente jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, le teng tlasa molao wa naha.
2. Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso o lokela ho kgetha mosadi kapa monna e le hlooho ya tshebeletso tsa mahlale e thehilweng ke karolwana (1) mme o lokela ho amohela mosebetsi wa bopolotiki ka ho laola le tataiso ya ditshebeletso dife kapa dife kapa a romele setho sa kabinete ho ikarabella moo.

210. Matla, mesebetsi le tlhokomelo
1. Molao wa naha o lokela ho laola sepheo, matla le mesebetsi ya ditshebeletso tsa mahlale mmoho le lekala la tsa mahlale a ditshebeletso tsa tshireletso le seponesa, mme o tshwanetse o nehelane bakeng la—
a. ho sebedisana ha ditshebeletso tsohle tsa mahlale; le
b. ho fuputsa baahi ka metsamao ya bona ka ditshebeletso tseo ka mohlahlobi ya kgethilweng ke Mopresidente e le hlooho ya lekgotla la phethahatso mme ho amohetswe ka qeto e amohetsweng Seboka sa Naha ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba bonyane pedi tharong ya ditho tsa yona.