Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 10

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 10: Tsamaiso ya Setjhaba

195. Melemo ya motheo le melao e busang tsamaiso ya setjhaba
1. Tsamaiso ya setjhaba e lokela ho laolwa ke melemo ya puso ya setjhaba ka setjhaba le metheo e ngotsweng Molaotheong ho kenyeletswa le tse latelang:
a. Boemo bo phahameng ba boitshwaro bo lokileng tshebetsong, bo lokela ho kgothaletswa.
b. Tshebetso e tswileng matsoho, ya moruo le e atlehileng e kgothaletswe.
c. Tsamaiso ya setjhaba e lokela ho ba ya ntshetsopele.
d. Ditshebeletso di nehelanwe ntle ho kgethollo, ka toka, ka ho lekana ho sa uwe ka leeme.
e. Ditlhoko tsa batho di arajwe mme setjhaba se kgothalletswe ho ba le seabo ha ho etswa maano.
f. Tsamaiso ya setjhaba e be le boikarabelo.
g. Setjhaba se nehelwe lesedi le nepahetseng ka nako le ka ponaletso.
h. Taolo ya ho sebedisa bokgoni ba batho le ditshebetso tsa ho ntshetsa pele mesebetsi, ho hodisa bokgoni ba batho, e tlwaetswe batho.
i. Tsamaiso ya setjhaba e lokela ho emela batho bohle ba Afrika Borwa, ho mme ho fumana mesebetsi le bolaodi di itshetlehe hodima bokgoni, nnete, ho se ye ka leeme, le ho lokisa ho se lekane hwa mehleng e le ho fihlella boemedi bo batsi.
2. Metheo e latelang e sebediswe ho—
a. tsamaisong ya makala ohle a mmuso;
b. makaleng a mmuso; le
c. dikgwebong tsa mmuso.
3. Molao wa naha o lokela ho hlokomedisisa ntshetsopele ya melemo le metheo e ngotsweng karolwaneng (1).
4. Ho kenngwa mosebetsing ha batho ba bangata tsamaisong ya setjhaba ho ya ka leano, empa molao wa naha o lokela ho laola mosebetsi ditshebeletsong tsa setjhaba.
5. Molao o laolang tsamaiso ya setjhaba e ka hlahisa phapang mahareng a mesebetsi, ditaolo kapa mekgatlo.
6. Sebopeho le mesebetsi ya dikarolo tse fapaneng, ditaolo kapa le mekgatlo ya tsamaiso ya setjhaba ke dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho tadimisiswa ha ho etswa molao o laolang tsamaiso ya setjhaba.

196. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Setjhaba
1. Ho na le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Setjhaba e le nngwe bakeng la Rephaboliki.
2. Khomishene e ikemetse mme e tshwanetse ho hloka leeme le hore e sebedise matla le mesebetsi ya yona ntle le tshabo, leeme le ho qolla molemong wa paballo ya tsamaiso ya setjhaba e boemong bo hodimo ditshebeletsong tsa setjhaba. Khomishene e tshwanetse e laolwe ke molao wa naha.
3. Makala a mang a mmuso a tshwanetse ho thusa le ho sireletsa Khomishene ho etsa bonnete ba hore e ikemetse, ha e na leeme, e na le seriti mme e a sebetsa. Ha ho motho kapa lekala la mmuso le tla setisana le tshebetso ya Khomishene.
4. Matla le tshebetso ya Khomishene ke—
a. ho phahamisa boleng bo hlalositsweng karolong 195 tshebeletsong ya setjhaba kaofela;
b. ho batlisisa, ho beha leihlo le ho hlahloba mokgahlo le tsamaiso, tsamaiso ya bong le ditshebeletso tsa setjhaba;
c. ho sisinya metjha ho e tsa bonnete ba tshebetso e tsepameng ditshebeletsong tsa setjhaba;
d. ho nehelana ka tsela e tobaneng le ho etsa bonnete ba mekgwa e amanang le khiro, phethiso, phahamiso le ho lelekwa mosebetsing mme di ikamahantse le karolo 195;
e. ho tlaleha ho ya ka mesebetsi le diketso tsa tseo ba di etsang, ho kenyeletswa le phuputso eo e ka e etsang le ditataiso le dikeletso tseo e ka fanang ka tsona, le ho fana ka hlahlobo e tla bontsha boholo bo ka tsamaelanang le ditheo tse ngotsweng karolong ya 195; le
f. mohlomong ho ya ka boyona kapa ka ho amohela tletlebo efe kapa efe—
i. ho fuputsa le ho hlahloba ho sebediswa ha basebeletsi le ditlwaelo tsa tsamaiso ya setjhaba, le ho tlalehela bolaodi ba lekgotla la phethahatso le lekgotla la ketsamolao;
ii. ho fuputsa ditletlebo tsa basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba mabapi le diketso tsa basebeletsi ba molao le ditlohelo, le ho kgothaletsa ditokiso tse nepahetseng;
iii. ho hlokomela le ho fuputsa ho tsamaelana le ditsamaiso tse ka sebediswang tshebeletsong ya setjhaba; le
iv. ho eletsa makala a setjhaba le a provense ya puso ka ditlwaelo tsa basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba ho kenyeletswa le tseo tse tsamaelanang le ho thaotuwa ho fumantshwa mosebetsi ho lebiswa sebakeng se seng, ho tebelwa mosebetsing le ditaba tse ding tsa maikemeisetso a mosebetsi a basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba.
g. ho phetha mesebetsi e meng jwalo ka ha Molao wa Palamente o hlalositse.

[Serapa (g) e kentswe ke karolo 3 ya Molao 2 wa 1998.]

5. Khomishene e ikarabella Sebokeng sa Naha.
6. Khomishene e tlalehele bonyane hang ka selemo ho ya ka karolwana (4)(e)—
a. Sebokeng sa Naha; le
b. ho ya ka msebetsi ya yona provenseng, ho lekgotla la ketsamolao la provense eo.
7. Khomishene e na le dikhomishenara tse 14 tse latelang mme di kgethilwe ke Mopresidente:
a. Bakhomishenara ba bahlano ba amohetswe ke Seboka sa Naha ho ya ka karolwana (8)(a); le
b. khomishenara a le mong wa provense ka nngwe a thontswe ke Tonakgolo ya provense ho ya ka karolwana (8)(b).
8. a. Khomishenara ya kgethilweng ho ya ka karolwana (7)(a) e lokela ho—
i. kgothaletswa ke komiti ya Seboka sa Naha se nang le boemedi ba palohare ba ditho tsa mekga yohle e emetsweng Sebokeng; le
ii. amohelwa ke Seboka ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho tsa yona.
b. Khomishenara ya thontsweng ke Tonakgolo ya provense o lokela ho—
i. kgothaletswa ke komiti ya lekgotla la ketsamolao la provense le bopilweng ka ditho tsa palohare tsa mekga yohle e emetsweng lekgotleng la ketsamolao; le
ii. amohelwa ke lekgotla la ketsamolao ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho tsa yona.
9. Molao wa Palamente o lokela ho laola mokgwa wa tshebetso wa ho kgethwa ha bokhomishenara.
10. Khomishenara a kgethwe nako ya dilemo tse hlano, eo e ka ntjhafatswang ka nako e le nngwe feela ya ho ba mosebetsing, mme e be mosadi kapa monna eo e leng—
a. moahi wa Afrka Borwa; le
b. motho ya nang le tsebo, a sebeditse nako e telele, tsamaisong, bolaoding kapa ho fana ha ditshebeletso tsa setjhaba.
11. Khomishenara a ka tebelwa mosebetsing ha—
a. a itshwere hampe, ho hloleha kapa ho sa tsebe;
b. seo komiti ya Seboka sa Naha e ka se fuputsang kapa mabapi le khomishenara ya thontsweng ke Tonakgolo ya provense, ka komiti ya lekgotla la ketsamolao la provense eo; le
c. ho amohelwa ha Seboka kapa lekgotla la ketsamolao la provense qeto ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho tse batlang hore khomishenara a tloswe.
12. Mopresidente o tshwanetse ho tebela khomishenara mosebetsing ha—
a. ho amohelwa qeto ya Seboka e ipiletsang hore khomishenara ya jwalo a tebelwe; kapa
b. tsebiso e ngotsweng ke Tonakgolo hore lekgotla la ketsamolao la provense le amohetse qeto e ipiletsang hore khomishenara a tebelwe.
13. Bokhomishenara bao ho hlalositsweng ka bona karolwaneng (7)(b) ba sebetsa ka moo ba ratang le ho phetha mesebetsi ya Khomishenara diprovenseng tsa bona jwalo ka ha ho hlalositswe molaong wa naha.

197. Ditshebeletso tsa Setjhaba
1. Tsamaisong ya setjhaba ho na le ditshebeletso tsa setjhaba tsa Rephaboliki tse lokelang ho sebetsa, mme di behwe ka tshwanelo ho ya ka molao wa naha o lokelang ho phethisa maano a mmuso o busang ka botshepehi.
2. Dintlha le dipehelo tsa ho kenngwa mosebetsing ditshebeletsong tsa setjhaba di lokela ho laolwa ka molao wa naha. Basebetsi ba lokela ho fumana penshene e laolwang ke molao wa naha.
3. Ho se be le mosebeletsi wa ditshebeletso tsa setjhaba ya tlang ho fumana menyetla e fetang ya ba bang kapa ho belaelwa feela ka hobane a tshehetsa mokga o itseng wa dipolotiki.
4. Mebuso ya provense e ikarabella bakeng la ho thaota, ho fana ka mesebetsi, ho phahamisa batho mebetsing, ho falliswa mosebetsing le ho tebelwa ha ditho tsa tshebeletso ya setjhaba mesebetsing ya tsamaiso moralong wa tlwaelo le maemo a tshwanang a sebedisetswang setjhaba.