Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 8

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 8: Makgotla le Tsamaiso ya Toka

165. Bolaodi ba Toka
1. Bolaodi ba toka ba Rephaboliki bo diatleng tsa makgotla.
2. Makgotla a ikemetse a laolwa feela ke Molaotheo le molao oo a lokelang ho o sebedisa ntle le ho sekamela lehlakoreng lefe kapa lefe ntle le tshabo kapa kgethollo.
3. Ha ho motho kapa lekala la puso le nang le tokelo ya ho itshunyatshunya ditshebetsong tsa makgotla.
4. Ka thuso ya molao le metjha e meng makala a puso a lokela ho thusana le makgotla ho etsa bonnete ba boikemelo, ho hloka tshekamelo, seriti, phihlelleho le kutlwahalo, di tle di netefatswe.
5. Taelo kapa qeto eo lekgotla le e entseng e tlama batho bohle ba amehang esita le makala ohle a puso a amehang.
6. Moahlodi e moholo ke hlooho ya tsa toka mme o nka maikarabelo hodima ho thehwa le ho beha leihlo mekgweng le maemo bakeng la mesebetsi ya molao makgotleng ohle.

[Karolwana (6) e kentswe ke karolo 1 ya Molao 17 wa 2012.]

166. Mokgwa wa tshebetso wa toka
1. Makgotla ke—
a. Lekgotla la Molaotheo;
b. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso;
c. Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa, le lekgotla le leng le le leng la boipiletso le phahameng le ka hlongwang ka Molao wa Palamente hore le sebetsane le boipiletso bo tswang lekgotleng le leng le leng le tshwanang le Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa;
d. Makgotla a Bomaseterata; le
e. Makgotla a mang a theuweng ho ya ka Molao wa Palamente, ho kenyeletsa le lekgotla le leng le le leng leo boemo ba lona bo tshwanang le ba lekgotla le phahameng la Afrika Borwa kapa Makgotla a Bomaseterata.

[Karolwana (c) le (e) di fetotswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e supileng ya Molaotheo wa 2012.]

167. Lekgotla la molaotheo
1. Lekgotla la Molaotheo le bopilwe ka Moahlodi e moholo, Motlatsi wa Moahlodi e moholo le baahlodi ba bang ba robong.

[Karolwana (1) e fetotswe ke karolo 11 ya Molao 6 wa 2001.]

2. Ntlha e ka pela lekgotla la Molaotheo e tshwanetse e mamelwe bonyane ke baahlodi ba robedi.
3. Lekgotla la Molaotheo—
a. ke lekgotla le ka sehlohlolong Rephaboliking; mme
b. le ka etsa qeto—
i. dintlheng tsa molaotheo; le
ii. ntlheng e nngwe le e nngwe, e bang Lekgotla la Molaotheo le nehelana ka tumello ya ho ka etsa boipiletso ka tlasa mabaka a dintlha tse bakang ngangisano ntlheng ya molao wa bohlokwa ba setjhaba ka kakaretso e leng hore e tshwanetse e shebisiswe ke lekgotla, le
c. ho etsa qeto ya makgaolakgang matleng a teng a ho laola.

[Karolwana (3) e fetotswe ke Molao 17 wa 2012.]

4. Lekgotla la Molaotheo le ka—
a. etsang qeto dingangisanong tse pakeng tsa makala a puso a naha kapa provense ka boemo ba Molaotheo, matla le ditshebetso tsa makala a puso;
b. etsang qeto ka tumellano ya Bili ya Palamente kapa provense le Molaotheo empa ha hona ho ka etsahala tlasa mabaka a ngotsweng karolong 79 kapa 121;
c. etsa qeto ka dikopo tsa mosebetsi tse ngotsweng karolong 80 kapa 122;
d. etsa qeto ka ho ba molaotheo hwa phetolo efe kapa efe Molaotheong;
e. etsa qeto hore Palamente kapa Mopresidente o hlolehile ho phethisa ditokelo tsa Molaotheo; kapa
f. tiiseletsa molaotheo wa provense ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 144.
5. Ke Lekgotla la Molaotheo le etsa qeto ya makgaolakgang ka hore na Molao wa Palamente, Provense kapa ketso ya Mopresidente e itshetlehile ka Molaotheo mme le lokela ho tiiseletsa taelo ya ho se sebetse e ntshitsweng ke Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa kapa lekgotla la boemo bo lekanang, pele taelo eo e ka ba le matla a tshebetso.

[Karolwana (5) e fetotswe ke karolo 3 ya Molao 17 wa 2012.]

6. Ka thuso ya molao wa naha kapa melawana ya Lekgotla la Molaotheo motho o lokela ho dumellwa ho, ha e le tabatabelong ya molao le ka tumello ya Lekgotla la Molaotheo—
a. itlisetsa taba Lekgotleng la Molaotheo ntle ho potoloho; kapa
b. a etse boipiletso ka ho otloloha Lekgotleng la Molaotheo ho tswa lekgotleng lefe kapa lefe.
7. Ntlha e amanang le Molaotheo e akaretsa taba efe kapa efe ya tlhaloso, tshireletso kapa tshebediso ya Molaotheo.

168. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso
1. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le bopilwe ka Moahlodi e Moholo, Motlatsi wa Moahlodi e Moholo le palo e itseng ya baahlodi ba boipiletso ba hlomamisitsweng ka Molao wa Palamente.

[Karolwana (1) e lokisitswe ke karolo 12 ya Molao 6 wa 2001.]

2. Taba e tlisitsweng Lekgotleng le Phahameng la Boipiletso e lokela ho sebetswa ke palo e behilweng ke Molao wa Palamente.

[Karolwana (2) e fetotswe ke karolo 12 ya Molao 16 wa 2001.]

3. a. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le ka etsa qeto ka boipiletso bo tobaneng le taba efe kapa efe e tswang Lekgotleng le Phahameng la Afrika Borwa kapa lekgotleng le boemong bo lekanang le ba Lekgotla le Phahameng la Afrika borwa, ka ntle le dintlha tsa basebetsi kapa ditlhodisano ho ya ka moo Molao wa Palamente o ka hlwayang ka teng.
b. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le ka etsa qeto feela ho—
i. boipiletso;
ii. ditaba tse tobaneng le boipiletso;
iii. ntlha e nngwe le e nngwe e lebisitsweng ho lona tlasa mabaka a hlaloswang ke Molao wa Palamente.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 4 ya Molao 17 wa 2012.]

169. Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa
1. Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa le ka etsa qeto—
a. ka ntlha efe kapa efe ya Molaotheo ka ntle ho ntlha eo—
i. Lekgotla la Molaotheo le dumetseng ho e mamela ho latela karolo 167(6) (a); kapa
ii. e nehetswe ke Molao wa Palamente lekgotleng le leng le nang le matla a tshwanang le a Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa; le
b. taba efe kapa efe e sa rerelwang lekgotla le leng ho ya ka Molao wa Palamente.
2. Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa le akga ka hare Dikarolo tse hlwauweng ke Molao wa Palamente, Molao oo o tshwanetse o nehelane bakeng la—
a. ho thwehwa ha Dikarolo, ka setulo se le seng kapa tse pedi ka hare ho Karolo; le
b. ho nehelana ka matla ho Karolo kapa setulo ho Karolo.
3. Karolo e nngwe le e nngwe ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa—
a. e na le Mookamedi wa Baahlodi;
b. e ka ba le Motlatsi wa Mookamedi wa Baahlodi a le mong kapa ba mmalwa; le
c. e na le palo ya baahlodi e hlwauweng ho latela molao wa naha.

[Karolo 169 e fetotswe ke karolo 5 ya Molao 17 wa 2012.]

170. Makgotla a mang
Makgotla kaofela ntle le a hlalositsweng karolong 167, 168 le 169 a ka etsa qeto ntlheng e hlwauweng ke Molao wa Palamente empa lekgotla leo boemo ba lona bo leng ka tlase ho ba Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa ha le na tokelo ya ho botsisisa kapa ho etsa qeto ka molao o molaotheong kapa ketso e nngwe le e nngwe ya Mopresidente.

[Karolo 170 e fetotswe ke karolo 6 ya Molao 17 wa 2012.]

171. Mokgwa wa tshebetso wa lekgotla
Makgotla ohle a sebetsa tlasa taolo ya molao wa naha mme melawana le ditsamaiso tsa ona a lokela hore a di dumellwe ke ona.

172. Matla a makgotla a molao ditabeng tsa molaotheo
1. Moo lekgotla le nang le matla a ho tshohla taba e amanang le Molaotheo—
a. le lokela hore le phatlalatse hore molao ofe kapa ofe kapa ketso efe kapa efe e sa dumellaneng le Molaotheo, ha e na tokelo ya ho sebetsa ho ya ka moo e sa dumellaneng le Molaotheo ka teng;
b. le ka fana ka taelo e nang le toka ebile e se na tshekamelo e akgang—
i. taelo e kgaolang tshebetso e qalang moraong ya phatlalatso ya tlhokeho ya matla mmoho le
ii. taelo e emisang tshebetso ya phatlalatso ya ho se sebetse ka nako e itseng tlasa dipehelo tse itseng hore bolaodi bo amehang bo nang le tshwanelo bo tle bo fumantshwe sebaka sa ho lokisa phoso eo.
2. a. Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa kapa lekgotla le leng la boemo bo lekanang le ka etsa taelo ka kamano ya Molao wa Palamente kapa wa Provense esita le ketso efe feela ya Mopresidente feela taelo e reng ha ho tumellano le Molaotheo e ke ke ya kena tshebetsong ho fihlela Lekgotla la Molaotheo le e ananela.

[Temana (a) e fetotswe ke karolo 7 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e supileng ya Molaotheo wa 2012.]

b. Lekgotla le fanang ka qeto ya tlhokahalo ya tshebetso le ka etsa thibela ya nakwana kapa ya fana ka tshihlollo ya nakwana ho ba lehlakoreng le itseng la phehisano kapa le ka etsa kgefutso tshebetsong ya ngangisano ho fihlela Lekgotla la Molaotheo le etsa qeto ka tshebetso ya Molao oo kapa ketso eo.
c. Ke Molao wa naha o lokelang ho lokiselletsa phethisetso ya qeto e supang ho se dumellane le Molaotheo Lekgotleng la Molaotheo.
d. Motho ofe kapa ofe kapa lekala la mmuso le nang le tjhesehelo le ka etsa boipiletso kapa ka bo lona la etsa kopo Lekgotleng la Molaotheo hore le ananele kapa le fetole taelo ya ho se sebetse molaotheong o entsweng le lekgotla la dipehelo tsa karolwana ena.

173. Matla a ona
Lekgotla la Molaotheo, Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa ka bo ona a na le matla a ho sireletsa le ho laola ditsamaiso tsa ona le ho tswellisa molao wa botjhaba ho hlokometswe a toka.

[Karolo 173 e fetotswe ke karolo 8 ya Molao 17 wa 2012.]

174. Kgetho ya basebeletsi ba mmuso ba toka
1. Mosadi kapa monna ofe kapa ofe ya nang le thupelo e tshwanelehang ebile e le motho wa sebele a ka thonngwa ho ba wa tsa toka. Motho ofe kapa ofe ya thonngwang ho ba setho sa Lekgotla la Molaotheo o lokela hore e be e le moahi wa Afrika Borwa.
2. ho a hlokahala hore ha ho thonngwa ditho tsa botshwari ba tsa toka ho bontshwe ka moo setjhaba sa Afrika Borwa se bopilweng ka teng ho ya ka merabe le bong.
3. Ka morao ho hore a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka le baetapele ba mekgwa e nang le baemedi Sebokeng sa Naha sa Lekgotla la ketsamolao, Mopresidente jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha o thonya Moahlodi e moholo le Motlatsi wa Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo, e re ha a se a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka a thonye Mopresidente le Motlatsi wa Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 13 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

4. Baahlodi ba bang ba lekgotla la phethahatso ba thonngwa ke Mopresidente e leng hlooho ya phethahatso ya setjhaba ka mora hore a rerisane le Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo le baetapele ba mekga e emetseng Sebokeng sa Naha, sebetsa ka mokgwa ona:
a. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e lokela ho etsa lenaneo la mabitso a bathonngwa le nang le mabitso a mararo ka hodimo ho palo ya batho ba lokelang ho thonngwa mme e nehe Mopresidente lenaneo leo.
b. Mopresidente o ka thonya batho bao a ba batlang ka lenaneo lena mme a be a tsebise Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka a bile a fana ka mabaka haeba ba bang ba bathonngwa ba sa amohelehe mme ho ntse ho hlokahala hore ho thonngwe.
c. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e lokela ho tlaselletsa lenaneo leo ka bathonngwa mabitso a mang mme Mopresidente o lokela ho thonya motho kapa batho ba kwalang dikgeo tse salletseng ka lenaneo le tlatselleditsweng.

[Karolwana (4) e fetotswe ke karolo 13 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

5. Ka dinako tsohle, bonyane bathonngwa ba bane e be batho bao nakong ya ho thonngwa ha bona Lekgotleng la Molaotheo e ne e le baahlodi.
6. Mopresidente o lokela hore ha a thonya baahlodi ba bang ka keletso ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka.
7, Bahlanka ba bang ba tsa toka ba lokela ho thonngwa ka dipehelo tsa dipehelo tsa Molao wa Palamente o lokelang ho etsa bonnete ba hore ho thonngwa ho phahamiswa ho tloswa sebakeng se itseng ba iswa ho se seng kapa ho lelekwa kapa ho kgalemelwa ha bahlanka bana ba tsa toka ho etsahala ho se kgethollo kapa tshekisetso.
8. Pele bahlanka ba tsa toka ba qala mosebetsing ba lokela ho etsa kano kapa boitlamo jwalo ka ha ho boletswe Shejulung 2 hore ba tla boulella ba be ba sirelletse Molaotheo.

175. Ho kgethwa ha Baahlodi ba nakwana
1. Mopresidente a ka thonya mosadi kapa monna hore a tshwarele moahlodi wa Lekgotla la Molaotheo haeba ho hlahile sekgeo ofising e nngwe le e nngwe kapa ha motho wa ofisi eo a le siyo. Moahlodi eo a thonngwe ka keletso ya setho sa Kabinete se ikarabellang ho tsamaiso ya toka ka tumellano le Moahlodi e moholo, le ho kgethwa e le Motlatsi wa Moahlodi e moholo wa nakwana e tshwanetse e etswe boemong ba baahlodi ba kgethetsweng Lekgotleng la Molaotheo ho latela karolo 174(4).
2. Setho sa Kabinete se ikarabellang ho tsa tsamaiso ya toka se lokela ho thonya baahlodi ba bang ba tshwereng mokobobo hore ba kene makgotleng a mang ka mora hoba a rerisane le moahlodi e moholo wa lekgotla leo moahlodi wa nakwana a tlang ho sebetsa ho lona.

[Karolo 175 e fetsotswe ke karolo 9 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e supileng wa Molaotheo wa 2012.]

176. Dipehelo tsa mosebetsi le moputso
1. Moahlodi wa Lekgotla la Molaotheo o thonngwa hore a tle a sebetse dilemo tse 12 e leng nako e ke keng ya tsoselletswa kapa ho fihblela a ba dilemo tse 70, kapa e tla fihla pele, ntle le ha molao wa Palamente o eketsa nako ya mosebetsi wa moahlodi wa Lekgotla la Molaotheo.

[Karolwana (1) e fetotswe ke karolo 15 ya Molao 16 wa 2001.]

2. Baahlodi ba bang ba dula mosebetsing ho fihlela ba ntshwa tshebetsong tlasa taolo ya Molao o tlasa taolo ya molao wa Palamente.
3. Meputso, ditumello le dikuno tsa baahlodi di ke ke tsa fokotswa.

177. Ho ntshuwa mosebetsing
1. Moahlodi a ka ntshwa mosebetsing, ha feela—
a. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e ka fumana hore moahlodi eo ke seqhwala ha a sa na boiphihlelo kapa o fumanwe a le molato wa ketso e mpe; hape
b. Seboka sa Naha se ka batla hore moahlodi a ntshwe mosebetsing ka qeto e tshehetswang ke dikarolo tse pedi ho tse tharo tsa ditho tsa sona.
2. Mopresidente a tlose moahlodi mosebetsing ha ho amohetswe hore moahlodi a tloswe.
3. Mopresidente, ka keletso ya Khomishene ya Tshebeletso ya Molao, a ka kgaola moahlodi mosebetsing eo e leng motsamaisi wa mosebetsi ho ya karolwana (1).

178. Khomishene ya ditshebeletso tsa toka
1. Ho na le Khomishene ya Ditshebeletso tsa toka e bopilweng ka—
a. Moahlodi e moholo eo e leng modulasetulo wa dikopano tsa Khomishene;
b. Mopresidente wa Lekgotla le phahameng la boipiletso;

[Serapa (b) sefetotswe ke karolo 16(a) ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

c. Moahlodi e Moholo a le mong ya thontsweng ke Mopresident wa Baahlodi;
d. Setho sa Kabinete se ikarabellang ho tsa toka kapa moemedi wa yona ya thontsweng ke setho seo sa Kabinete;
e. Babuelli ba babedi ba ntseng ba le mosebetsing ba thontsweng ke moifo wa babuelli hore ba emele barupellwa ba babuelli kaofela mme ba thontswe ke Mopresidente;
f. Babuelli ba babedi ba ntseng ba le mosebetsing ba thontsweng ke moifo wa babuelli hore a emele barupellwa ba babuelli kaofela mme ba thontswe ke Mopresidente.
g. Morupelli a le mong wa molao ya thontsweng ke barupelli ba molao Diyunivesiting tsa Afrika Borwa;
h. Batho ba tsheletseng bao Seboka sa Naha se ikgethetseng bona hara ditho tsa sona bao ho bona bonyane ba bararo e leng ditho tsa mekgwa ya kganyetso e teng Sebokeng.
i. Baromuwa ba ho ya ho ile ba bane bao mmoho ba kgethilweng ke Lekgotla la Naha la Diprovense ka tshehetso ya dikgetho tsa diprovense tse tsheletseng bonyane;
j. batho ba bane ba thontsweng ke Mopresidente jwalo ka ha e le hlooho ya phethahatso ya naha le ka ho kopana le baetapele ba mekga e nang le ditho Sebokeng sa Naha; le
k. ha ho tadimanwe le merero e tobaneng le Karolo ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa, Moahlodi ya Phahameng wa karolo eo le Tonakgolo ya provense e kgethilweng.

[Serapa (k) se fetotswe ke karolo 2(a) ya Molao wa tokiso ya bobedi ya Molaotheo wa 1999 le ke karolo 16(b) ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001 le ke karolo 10 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e supileng ya Molaotheo wa 2012.]

2. Haeba palo ya batho ba thontsweng moilong wa babuelli kapa maqwetha a lekana le palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa ho ya ka dipehelo tsa karolwna (1)(c) kapa (f) e lekana le palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa Mopresidente o lokela ho ba kenya dikgeong tseo. Ha palo ya batho ba thontsweng e leta palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa Mopresidente ha a se a rerisane le motho ya amehang, o lokela ho kwalwa dikgeo tse teng ka batho ba thontsweng a hlokometse hore ba kgethilweng ba emetse sebopeho sa mosebetsi ohle.
3. Ditho tsa Khomishene tse thontsweng ke Lekgotla la Naha la Diprovense di tla dula tshebetsong ho fihlela ho kenngwa ba bang sebokeng sa bona mmoho kapa ho fihlela sekgeo se seng sa bona se buleha. Ditho tse ding tse thontsweng kapa tsa kgethelwa Khomishene ba sebetsa ho fihlela ba tloswa ke bao ba ba thontseng kapa ba ba kgethileng.
4. Matla le mesebetsi ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka ke tseo e di filweng ke Molaotheo le Molao wa naha.
5. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e tla eletsa mmuso wa naha mererong e tobaneng le basebeletsi ba tsa toka le tsamaiso tsa tsa toka empa ha e tshohla taba ele kapa ele ntle ho ho thonngwa ha moahlodi e ka kopana ntle ho ditho tse thontsweng tlasa dipehelo tsa karolwana (1)(h) le (i).
6. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e ka ipehela tsamaiso tsa yona empa diqeto tsa Khomishene di nkwe ka bongata ba ditho tsa yona.
7. E bang Moahlodi e Moholo kapa mopresidente wa lekgotla le phahameng la boipiletso a sa kgone ho sebeletsa Khomishene nakwana, Motlatsi wa Moahlodi e Moholo kapa Motlatsi wa mopresidente wa lekgotla le phahameng la boipiletso a ka sebetsa boemong ba hae Khomisheneng.

[Karolwana (7) e kentswe ke karolo 2(b) ya Molao wa tokiso ya bobedi ya Molaotheo wa 1998 le ho fetolwa ke karolo 16(c) ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

8. Mopresidente le batho ba kgethang ditho tsa Khomishene ho latela karolwana (1)(c), (e), (f) le (g) di ka kgetha ka mokgwa o tshwanang, ditho tse tla sebetsa bakeng la ditho tse ding ho ka sebeletsa Khomishene ha setho se le siyo nakwana ka le baka la ho se kgone ha hae ka hare ho Rephaboliki kapa ka lebaka le leng le utlwahalang.

[Karolwana (8) e kentswe ke karolo 2(b) ya Molao 2 wa 1998.]

179. Bolaodi ba botjhotjhisi
1. Rephaboliki yohle ho na le bolaodi bo le bong ba ho tjhutjhisa bo bopilweng ka Molao wa Palamente, mme bo bopilwe ka—
a. Molaodi wa Naha wa Botjhutjhisi eo e leng hlooho ya balaodi ba batjhutjhisi mme o thonngwa ke Mopresidente jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha; le
b. Balaodi ba tsa Botjhutjhisi le batjhutjhisi jwalo ka ha molao wa Molao wa Palamente o hlalosa.
2. Bolaodi ba batjhutjhisi bo na le matla a ho kganna diqoso tsa botlokotsebe ka lebitso la puso le ho phethisa tsohle tse amanang le tsamaiso ya diqoso tsa botlokotsebe.
3. Molao wa naha o lokela ho netefatsa hore Balaodi ba tsa Botjhutjhisi—
a. ba na le mangolo a lokelang; hape
b. ba ikarabella mererong ya ho tjhutjhisa dinyewe tse itseng ho hlokometswe dipehelo tsa karolwaneng (5).
4. Molao wa naha o lokela ho netefatsa hore bolaodi ba ho tjhutjhisa bo etsa mosebetsi wa bona ntle ho letswalo tshabo, kgethollo kapa leeme.
5. Molaodi wa Naha wa Botjhutjhisi o lokela—
a. ho hlwaya, ha a se a dumellane le Letona a bile a se a rerisane le Balaodi ba tsa Botjhutjhisi ho theha leano la ho tjhutjhisa le lokelang hore le hlomphuwe ha ho tjhutjhiswa.
b. hore a fane ka ditataiso tsa leano tse ba lokelang ho ikokobeletsa tsona tsamaisong ho tjhutjhisa
c. ho kena tsamaisong ya ho tjhutjhisa ha ho sa ikamahanngwe le ditataiso tsa leano; hape
d. a ka boela a lekodisisa qeto ya ho qosa kapa ho se qose ka mora ho rerisana le Molaodi wa tsa ho tjhutjhisa ya amehang ho ba a nke boipiletso bo hlahang ho ba amehang ka nako e behilweng ke Molaodi wa Setjhaba wa tsa Botjhutjhisi:
a. Moqosuwa.
b. Moqosi.
c. Motho ofe kapa ofe kapa mokga ofe kapa ofe eo Molaodi wa Naha a nahanang hore o tla tshwaneleha.
6. Setho sa Kabinete se ikarabellang ho tsamaisong ya toka se lokela ho nka boikarabelo ba ho qetela tebang le bolaodi ba tsamaiso ya ho tjhutjhisa.
7. Merero yohle e meng e amang le bolaodi ba ho tjhutjhisa e lokela ho laolwa ke molao wa naha.

180. Ditaba tse ding tse amang tsamaiso ya toka
1. Merero e meng e mabapi le tsamaiso ya tsa toka e sa hlahelleng Molaotheong e lokela ho tsamaiswa ka molao wa naha ho kenyelletswa le—
a. mananeo a thupello ya baokamedi ba tsa toka;
b. mekgwa e sebetsanang le dipehelo ka balodi ba tsa toka;
c. ho ba le seabo ha batho ba bang ka ntle ho basebeletsi ba toka qetong ya lekgotla.