Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 7

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 7: Mmuso wa Selehae

151. Maemo a bomasepala
1. Makala a tshebetso a mmuso wa selehae a bopilwe ka bomasepala ba lokelang ho thehwa naha yohle ya Rephaboliki.
2. Bolaodi ba phethahatso le ba lekgotla la ketsamolao bo beilwe diatleng tsa Lekgotla la Masepala.
3. Masepala o na le tokela ya ho busa ka boithaopo merero ya metse ya baahi ba yona, ho ya ka taolo ya molao wa naha le wa provense jwalo ka ha o hlahisitswe Molaotheong.
4. Mmuso wa naha le wa provense e ke ke ya itshunya kapa ya sitisa bokgoni kapa tokelo ya masepala ya ho sebedisa matla a yona kapa ho phethisa mosebetsi.

152. Sepheo sa mmuso wa selehae
1. Maikemisetso a mmuso wa selehae ke—
a. ho nehela baahi puso ya demokrasi e nang le boikarabelo;
b. ho hlokomela phano ka ditshebeletso ho baahi ka mokgwa o tswellang;
c. ho ntshetsa pele tswelopele ya baahi le moruo;
d. ho ntshetsa pele tikoloho e bolokehileng e fanang ka bophelo bo botle setjhabeng; le
e. ho kgothaletsa baahi le mekgatlo ya baahi ho kenya letsoho mererong ya mmuso wa selehae.
2. Masepala o lokela ho leka ho fihlela maikemisetso a ngotsweng karolwaneng (1) ho ya ka matla a ditjhelete le taolo.

153. Mesebetsi ya ntshetso pele ya masepala
1. Masepala o lokela ho—
a. theha le ho laola tsamaiso, ditekanyetso le merero e hlophisitsweng, le ho ela hloko ditlhoko tsa setjhaba le ho ntshetsa pele moruo wa setjhaba; le
b. ba le seabo mananeong a naha le provense.

154. Bomasepala mmusong wa kopanelo
1. Mmuso wa naha le wa provense, ka ditsela tsa lekgotla la ketsamolao le ka ditsela tse ding di lokela ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala ho sebetsa merero ya bona, ho sebedisa matla a bona le ho phethisa mesebetsi ya bona.
2. Ketso ya molao wa naha kapa wa provense a amang boemo, mekgatlo, matla kapa mesebetsi ya mmuso ya selehae o lokela ho phatlalletswa ho baahi hore ba o hlahlobe ba be ba hlahise maikutlo mabapi le ona pele o hlahisetswa Seboka sa Naha kapa lekgotla la provense la ketsamolao, ka mokgwa o tla dumella hore ho be le mmuso wa selehae, masepala ya hlophisitsweng le batho ba bang ba nang le kgahleho hore ba be le boemedi ho ya ka ketso ya molao.

155. Ho thehwa ha bomasepala
1. Ho na le dihlopha tse latelang tsa masepala:
a. Sehlopha A: Masepala ya nang le phethahatso ya masepala e ikgethileng le matla a molao tikolohong ya ona.
b. Sehlopha B: Masepala ya arolelanang matla a phethahatso le molao tikolohong ya ona le Sehlopha C sa masepala dibakeng tseo e welang ho tsona.
c. Sehlopha C: Masepala ya nang le matla a phethahatso le molao tikolohong e kenyeletsang masepala e mengata.
2. Molao wa Naha o hlalose mefuta e fapaneng ya masepala e ka thehwang sehlopheng ka seng.
3. Molao wa Naha o lokela ho—
a. theha teko e laolang ha sebaka se tlameha ho ba le mokga o le mong wa A wa masepala kapa ha e tlameha ho ba le masepala wa sehlopha B le C hammoho;
b. ho theha tsela le mokgwa bakeng la ho fumana meedi ka bolaodi bo ikemetseng
c. ho ya ka karolo ya 229, ho etswe pehelo mabapi le lekala le nepahetseng la matla le mesebetsi mahareng a bomasepala ha sebaka se na le bomasepala sehlopheng B le C hammoho. Karolo ya matla le mesebetsi mahareng a sehlopha B sa masepala le sehlopha C sa masepala e ka fapana le karolo ya matla le mesebetsi mahareng a sehlopha B le o mong wa Masepala le sehlopha C sa Masepala.
4. Molao o lebisitsweng karolwaneng (3) o lokela ho nehelana ka ditshebeletso tsa masepala ka tsela e lekanang le e ka tswellang.
5. Molao wa provense o lokela ho laola mefuta e fapaneng ya masepala ho thehwa provenseng.
6. Mmuso o mong le o mong wa provense o lokela ho theha bomasepala provenseng ka tsela a tshwanang le molao o phethwang ka dikarolong tsa (2) le (3) le ka molao kapa mekgwa e meng, o lokela ho—
a. nehelana ka tlhokomelo le tshehetso ya mmuso wa selehae provenseng; le
b. ntshetsapele tswelopele ya matla a mmuso wa selehae hore bomasepala ba sebetse le ho laola ditaba tsa bona.
(6A) ……

[Karolwana (6A) e kentswe ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya boraro ya Molaotheo wa 1998 le ho hlakolwa ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mmedi ya Molaotheo wa 2005.]

7. Mmuso wa Naha ho ya ka karolo 44 le mebuso ya provense matla a ho etsa molao le phethahatso ho hlokomela phethahatso e tswileng matsoho ka bomasepala ho ya ka ditaba tse hlahelang Dishejulung tsa 4 le 5, ka ho laola matla a bomasepala ka matla a bona a phethahatso a lebisang karolong 156(1).

156. Matla le mesebetsi ya bomasepala
1. Masepala o na le matla a phethahatso le tokelo ya tsamaiso ya—
a. merero ya mmuso wa selehae e ngotsweng Karolong B ya Shejulu 4 le Karolong B Shejulung 5 mmoho; le
b. morero ofe kapa ofe o nehetsweng ke molao wa naha kapa provense.
2. Masepala o ka etsa kapa wa phethahatsa melawana mabapi le tsamaiso e phethahetseng ya merero eo e nang le nako ho e laola.
3. Ho ya ka dipehelo tsa karolo 151 (4), molawana o kgahlanong le molao wa naha kapa provense ha o sebetse. Haeba ho na le kgohlano pakeng tsa molao wa selehae le naha le provense ha o sebetse ka lebaka la kgohlano eo ho lebisitsweng ho yona karolong 149, molawana o amohelwe o nepahetse ha feela molao oo o sa sebetse.
4. Mmuso wa naha le wa provense e lokela ho abela kapa ho romela ho masepala, ka tumellano le ho ya ka maemo a mang la a mang, tsamaiso ya ntlha e nngwe le e nngwe e hlahellang Karolong A ya Shejulu 4 kapa Karolo A ya Shejulu 5 e amanang le mmuso wa selehae; ha—
a. morero oo o ka laolwa ka ho phethahala motseng; mme
b. masepala o na le bokgoni ba ho o laola.
6. Masepala o na le tokelo ya ho sebedisa matla afe kapa afe morerong o hlokahalang kapa bakeng la tshebetso e phethahetseng ya mesebetsi ya ona.

157. Sebopeho le ho kgethwa ha Makgotla a Masepala
1. ho ipapisitswe le Shejulu 6A, Lekgotla la Masepala le bopilwe ka—
a. ditho tse kgethilweng ho ipapisitswe le karolwana (2) le (3); kapa
b. e bang di nehetswe ke molao wa naha—
i. ditho tse thontsweng ke Lekgotla le leng la Masepala hore di emele Lekgotla leo; kapa
ii. ditho tse kgethilweng ho ya ka serapa (a) le ditho tse kgethilweng ka seratswana (i) sa serapa sena.

[Karolwana (1) e fetotswe ke karolo 1(a) ya Molao wa tokiso ya borobedi ya Molaotheo wa 2002 le ke karolo 3 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mehlano ya Molaotheo wa 2008.]

2. Ho kgethwa ha ditho tsa Lekgotla la Masepala jwalo ka ha ho lebeletswe karolwaneng (1)(a), ho bolela hore ho lokela ho ipapisa le molao wa naha o lokelang ho hlalosa tsamaiso ya—
a, boemedi ba tekano ho ya ka karolo ya masepala ya lenane la naha la dikgetho, mme e nehelana ka ho kgethwa ha ditho lenaneng la bonkgetheng ba mokga e ngotswe ho ya ka boikgethelo ba lenane la mokga; kapa
b. boemedi ba tekano jwalo ka ha ho hlalositswe temaneng ya (a) ho kopantswe le tsamaiso ya boemedi ba lebatowa bo theilweng ka karolo ya masepala ya lenane la naha la bakgethi.
3. Tsamaiso ya dikgetho ho ya ka dipehelo tsa karolwana (2) e lokela ho netefatsa hore palo ya ditho kaofela e a lekana.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 1(b) ya Molao 8 wa 2002.]

4. a. Haeba tsamaiso ya dikgetho e kenyeletsa boemedi ba mabatowa, ho arolwa ha mabatowa ao ho lokela ho etswa ke bolaodi boikemetseng bo thontsweng ho ya ka dipehelo tsa, bo bile bo sebetsa ho ya ka, ditsamaiso le mekgwa e balletsweng ke molao wa naha.
b. ……

[Serapa (b) e hlakotswe ke karolo 3 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mmedi ya Molaotheo wa 2005.]

[Karolwana (4) e fetotswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya boraro ya Molaotheo wa 1998.]

5. Motho a ka kgetha masepaleng ha feela eba motho eo o ngodisitswe karolong eo ya masepala lenaneng la bakgethi la naha.
6. Molao wa naha o hlaloswang karolwaneng (1) (b) o lokela ho theha mokgwa o dumellang mekga le tjantjello e hlahellang Lekgotleng la Masepala le etsang kgetho ho ka emelwa ka ho lekana Lekgotleng la Masepala moo kgetho e etswang.

158. Ditho tsa Makgotla a Masepala
1. Moahi e mong le e mong ya nang le tokelo ya ho kgetha Lekgotla la Masepala o na le tokelo ya ho kgethelwa ho ba setho sa Lekgotla leo; ntle le—
a. mang kapa mang ya thontsweng, kapa ya tshebeletsong ya masepala a bile a fumana moputso ka ho thonngwa hoo kapa tshebetso eo mme a e so ka a tshwarelwa ho sitisweng ho ya ka molao wa naha;
b. mang kapa mang ya thontsweng kapa a le tshebeletsong ya mmuso boemong bo bong, mme a fumana moputso ka ho thonngwa hoo kapa mosebetsi oo, a bile a sitiseha ho ba setho sa Lekgotla la Masepala ho ya ka dipehelo tsa molao wa naha.
c. mang kapa mang ya ntshitsweng ho ka kgetha Sebokeng sa Naha kapa a ntshitswe ho ya ka dipehelo tsa karolo 47 (1)(c), (d) kapa (e) ho ba setho sa Seboka;
d. setho sa Seboka sa Naha, moromuwa wa Lekgotla la Naha la Diprovense kapa setho sa lekgotla la ketsamolao la provense empa ho ntshuwa hona ha ho ame setho sa Lekgotla la Masepala le emetseng mmuso wa selehae Lekgotleng la Naha; kapa
e. setho sa Lekgotla le leng la Masepala le ha ho ntshuwa hona ho sa ame setho sa Lekgotla la Masepala le emetseng Lekgotla Lekgotleng le leng la Masepala la tlhophiso ya yona e sa tshwaneng.
2. Motho ya ke keng a kgethelwa ho ba setho sa Lekgotla la Masepala ho ya ka dipehelo tsa karolwana (1) (a), (b),(d) le (e), e ka nna ya eba nkgetheng wa Lekgotla ho ya ka meedi kapa maemo a thehilweng ke molao wa naha.
3. Dikgeo tsa mosebetsi Lekgotleng la Masepala di tshwanetse ho tlwatswa ho latela molao wa naha.

[Karolwana (3) e kentswe ke karolo 4 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mehlano ya Molaotheo wa 2008.]

159. Dipehelo tsa Makgotla a Masepala
1. Nako ya Lekgotla la Masepala ke dilemo tse sa feteng hlano jwalo ka ha ho hlwauwe molaong wa naha.
2. E bang lekgotla la masepala le qhalwa ho latela molao wa naha kapa ha nako ya teng e fihla pheletsong, dikgetho di tshwanetse ho etswa matsatsing a 90 ka mora hore nako ya teng e feele kapa le qhalwe
3. Lekgotla la masepala, ntle le lekgotla le qhaduweng ho latela karolo 139, le dula le sebetsa ho tloha ka nako eo le qhaduweng ka yona kapa nako ya teng e fihle pheletsong ho fihlela lekgotla le leng le kgethwa.

[Karolo 159 e fetotswe ke karolo 1 ya Molao 2 wa 1998.]

160. Mekgwa ya tshebetso ya ka hare
1. Lekgotla la Masepala—
a. le etsa diqeto tse amang ho sebediswa ha matla ohle le tshebetso ya mesebetsi yohle ya masepala;
b. le kgetha modulasetulo;
c. le ka kgetha komiti ya phethahatso le dikomiti tse ding, ho ya ka molao wa naha; le
d. ka hira basebetsi ba bohlokwa ho etsa mosebetsi.
2. Mesebetsi e latelang e ke ke ya nehelwa ke Lekgotla la Masepala:
a. ho fetisa melao ya selehae;
b. ho amohela tekanyetso;
c. ho kenngwa ha ditefello le makgetho a mang; le
d. ho nyollwa ha dikadimo.
3. a. Boholo ba ditho tsa Lekgotla la Masepala bo tshwanetse bo be teng pele kgetho e etswa ntlheng efe kapa efe.
b. Dipotso tsohle tse amang ditaba tse boletsweng karolwana (2) di laolwa ke qeto e nkuweng ke Lekgotla la Masepala ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho tsa yona.
c. Dipotso tsohle tse ding tse Lekgotleng la Masepala di nkelwa qeto ke boholo ba dikgetho tse nkilweng.
4. Ha ho molawana o ka fetiswang ke Lekgotla la Masepala ka ntle le haeba—
a. ditho tsohle tsa Lekgotla di filwe tsebiso e nepahetseng; le
b. molawana o sisintsweng o phatlaladitswe hore setjhaba se hlahise maikutlo.
5. Molao wa naha o ka nehelana ka mokgwa bakeng la ho hlwaya—
a. boholo ba Lekgotla la Masepala;
b. hore na Mekgatlo ya Masepala e ka kgetha komiti ya phethahatso kapa komiti efe kapa efe e nngwe; kapa
c. boholo ba komiti ya phethahatso kapa komiti efe kapa efe e nngwe ya Lekgotla la Masepala.
6. Lekgotla la Masepala le ka etsa melawana e ballang melao le ditaelo mabapi le—
a. ditlhophiso tsa ka hare;
b. tshebetso ya teng le ditsamaiso; le
c. motheo, sebopeho, mekgwa ya tshebetso, matla le mesebetsi ya dikomiti tsa teng.
7. Lekgotla la Masepala le lokela ho phetha tshebetso ya yona ka tsela e bonaletsang mme le ka kwala dikopano tsa lona kapa dikomiti tsa yona ha ho hlokeha ho ka etsa jwalo ho nahanwang ka sebopeho sa mosebetsi o etswang.
8. Ditho tsa Lekgotla la Masepala ba tlamehile ho ba le seabo ditsamaisong le dikomiting ka tsela e—
a. dumella mekga le ditabatabelo tse hlahellang ka hara Lekgotla hore le emelwe hantle;
b. tsamaelana le demokrasi; le
c. ka laolwa ke molao wa naha.

161. Menyetla
Molao wa provense o itshetlehile ka moralo wa molao wa naha o ka hlophisetsa ditshwanelo le diteballo tsa Makgotla le ditho tsa teng.

162. Phatlalatso ya melawana ya masepala
1. Molawana wa masepala o kena tshebetsong ha o se o phatlaladitswe gazeteng ya provense eo.
2. Gazete ya semmuso ya provense e lokela ho phatlalatsa molawaneng wa masepala ka kopo ya masepala eo.
3. Melawana ya masepala e lokela ho fihlellwa ke bohle.

163. Mmuso wa selehae o hlophisitsweng
1. Molao wa Palamente o fetisitsweng tlasa taolo ya karolo 76 o lokela ho—
a. dumella kananelo ya ditlhophiso tsa naha le tsa provense tse emetseng bomasepala;
b. lekola ditsamaiso tseo ka tsona mmuso wa selehae o ka—
i. rerisanang le mmuso wa naha le wa provense ka;
ii. thonya ditho tse ka kenyang letsoho Lekgotleng la Naha la Diprovense;
iii. ho ba le seabo tsamaisong e hlalositsweng molaong wa naha karolong 221(1)(c).

[Karolo 163 e fetotswe ke karolo 4 ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

164. Dintlha tse ding
Dintlha tse tobaneng le mmuso wa selehae e seng teng Molaotheong e ka hlongwa ka molao wa naha kapa wa provense o itshetlehileng ka moralo wa molao wa naha.