Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 4

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 4: Palamente

42. Sebopeho sa Palamente
1. Palamente e bopilwe ka—
a. Seboka sa Naha; le
b. Lekgotla la Naha la Diprovense.
2. Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprovense di sebedisana ka ho etsa molao ka tsela e hlalositsweng Molaotheong.
3. Seboka sa Naha se kgethilwe ho ka emela batho le hore ho be le puso ka batho ka tlasa Molaotheo. Se etsa hona ka ho kgetha Mopresidente, ka ho nehelana ka lekgotla la naha bakeng la ho shebisisa dintlha tsa setjhaba, ka ho fetisa molao, ho hlahloba le ho hlokomela mesebetsi ya phethahatso.
4. Lekgotla la Naha la Diprovense le emela diprovense ho hlokomela ditabatabelo tsa diprovense makaleng a mmuso. Le etsa hona ka ho sebetsa ditsamaisong tsa ho etswa ha molao le ka ho theha lekgotla la naha bakeng la ho shebisisa dintlha tsa setjhaba tse amanang le diprovense.
5. Mopresidente a ka bitsa Palamente neng kapa neng ho tla tshohla merero e ikgethileng.
6. Palamente e tshwarelwa Cape Town empa Molao wa Palamente o phethiswang ho latela karolo 76(1) le (5), o ka hlwaya hore Palamente e tshwarelwe sebakeng se seng.

43. Bolaodi ba ho etswa ha molao ba Rephaboliki
1. Ka hare ho Rephaboliki, bolaodi ba ketsomolao—
a. ba mmuso wa naha bo matleng a Palamente jwalo ka ha ho hlalositswe karolong 44;
b. ba mmuso wa provense bo matleng a ketsamolao ya provense jwalo ka ha ho hlalositswe karolong 104; mme
c. ba mmuso wa selehae bo matleng a Makgotla a Mmasepala jwalo ka ha ho hlalositswe karolong 156.

44. Bolaodi ba ketsamolao ba naha
1. Bolaodi ba ketsamolao ba naha jwalo ka ha bo beilwe Palamenteng—
a. bo neha Seboka sa Naha—
i. ho fetola Molaotheo;
ii. ho fetisa molao o lebaneng le morero ofe kapa ofe, ho kenyeletswa morero o ka hara tshebetso e lenaneng le Shejulung 4 empa ho sa kenyeletswe, ho latela karolo (2), morero o sebakeng sa mosebetsi lenaneng le Shejulung 5; mmoho le
iii. ho abela matla a ho etsa molao ofe kapa ofe ka ntle ho matla a ho fetola Molaotheo ho motheo o mong le o mong wa ketsamolao karolong e nngwe ya mmuso; le
b. ho neha Lekgotla la Naha la Diprovense matla—
i. ho ka ba le seabo ho fetoleng Molaotheo ho latela karolo 74;
ii. ho latela karolo 76, ho fetisa molao o entsweng mabapi le morero ofe kapa ofe o ka hara tshebetso e lenaneng le Shejulung 4 le morero ofe kapa ofe o batlwang ke Molaotheo hore o fetiswe ho latela karolo 76; le
iii. ho nahana ka molao ofe kapa ofe o fetisweng ke Seboka sa Naha, ho latela karolo ya 75.
2. Palamente e ka nna ya kena mahareng ka ho fetisa molao, ho latela karolo ya 76(1) mabapi le ntlha e welang sebakeng sa mosebetsi se lenaneng le Shejulung 5 e bang ho hlokeha—
a. ho boloka tshireletso ya naha;
b. ho boloka bonngwe ba moruo;
c. ho boloka maemo a bohlokwa a naha;
d. ho theha maemo a seng makae a hlokehang ho ka thusa ka ditshehetso; kapa
e. ho thibela ketsahalo e sa tlwaelehang e entswe ke provense e sa nahanelang ditabatabelo tsa provense e nngwe kapa naha yohle.
3. Molao mabapi le ntlha e bohlokwa bakeng la, kapa e amanang le, tshebediso e loking ya matla mabapi le ntlha e nngwe le e nngwe e hlahellang lenaneng la Shejulu 4, bakeng la maikemisetsong ohle, molao mabapi le dintlha tse lenaneng la Shejulu 4.
4. Moo palamente e sebedisang matla a yona e tlangwa feela ke Molaotheo mme e lokela ho sebetsa ho latela, le ho ya ka meedi e sehilweng Molaotheong.

45. Melao le ditaelo le dikomiti tse kopanetsweng
1. Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprovense di lokela ho theha komiti e kopanetsweng ya ho etsa melao le ditaelo tse mabapi le merero ya Seboka le Lekgotla ho kenyeletswa melao le ditaelo—
a. ho lekola ditsamaiso e le ho bebofatsa mosebetsi wa ho beha melao, ho kenyeletswa le ho sehela nako meedi ya ho qetela mohatong ofe kapa ofemosebetsing;
b. ho theha dikomiti tse kopanetsweng mme di bopilwe ka baemedi ba Seboka le Lekgotla ho lekola le ho tlaleha ka Dibili tse hopotsweng karolong 74 le 75;
c. ho theha dikomiti tse kopanetsweng tse bopilweng ka Molaotheo bonyane selemo se seng le se seng; le
d. ho laola merero ya—
i. komiti ya kopanelo ya melao
ii. komiti ya Bonamodi
iii. komiti ya tjhebisiso ya Molaotheo
dikomiti tsa kopanelo tse theuweng ho latela serapa (b).
2. Ditho tsa Kabinete, ditho tsa Seboka sa Naha le baemedi Lekgotleng la Naha la Diprovense di na le menyetla le ditumelo komiting ya kopanelo ya Seboka le Lekgotla jwalo ka ha ba na le tsona Sebokeng kapa Lekgotleng.

Seboka sa Naha

46. Sebopeho le dikgetho
1. Ho latela shejulu 6A, Seboka sa Naha se bopilwe ka ditho tse seng ka tlase ho 350 mme di sa fete palo ya basadi le banna ya 400 ba kgethilweng ho ba ditho ka tsamaiso ya kgetho e—
a. hlalositsweng ke molao wa naha;
b. thehilweng hodima lenane la bakgethi la naha;
c. hlalosang hore bonyane bakgethi ba be le dilemo tse 18; hape
d. tswalang, kakaretso, boemedi bo lekalekanang.
2. Molao wa Palemente o nehelane ka mokgwa wa ho laola palo ya ditho tsa Seboka sa Naha.

[Karolwana (1) e lokisitswe ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya leshome ya Molaotheo wa 2003 le karolo 1 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mehlano ya Molaotheo wa 2008.]

47. Ditho
1. Moahi e mong le e mong ya nang le tshwanelo ya ho kgetha ditho tsa Seboka sa Naha o na le tshwanelo ya ho ba setho sa Seboka, ka ntle ho—
a. mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa a sebeletsa, puso mme a amohela moputso ka ho thonngwa hoo kapa mosebetsi oo, ka ntle ho—
i. Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente, Matona le Batlatsi ba Matona; le
ii. basebetsi ba bang ba diofisi bao mesebetsi ya tsona e tsamaisanang le mesebetsi ya ditho tsa Seboka mme e tsamaisana ho latela molao wa naha;
b. baemedi ba tsitsitseng mosebetsing Lekgotleng la Naha la Diprovense kapa ditho tsa lekgotla la ketsamelao la provense kapa lekgotla la mmasepala;
c. ba sa kgoneng ho tswa melatong;
d. motho ofe kapa ofe ya sa itekanelang kelellong ho ya ka lekgotla la Rephaboliki; kapa
e. mang kapa mang eo, ka mora hoba karolo ena e sebediswe, a fumanwe a le molato mme a ba a ahlolelwa tjhankaneng nako ya dikgwedi tse 12 a sa fuwe monyetla wa faene, e ka ba Rephaboliking kapa ka ntle ho yona, ha eba ketso eo a e ahloletsweng e le tlolo ya molao ka hara Rephaboliki, empa, ho se be motho ya tadingwang jwalo ka motho ya seng a ahlotswe ho fihlela boipiletso ba hae kgahlanong le ho fumanwa a le molato le kahlolo bo phethelwa, kapa ho fihlela nako ya ho etsa boipiletso e fetile. Ho se amohelwe ho ya ka serapa sena se fella ka mora dilemo tse hlano kahlolo e se e qetilwe.
2. Motho eo e ke keng ya eba setho sa Seboka sa Naha ho ya ka karolwana (1)(a) kapa (b) e ka nna ya eba nkgetheng wa Seboka, ha feela a phethisa meedi le dipehelo tse ding tse hlomilweng ke molao wa naha.
3. Motho a ka lahlehelwa ke botho ba Seboka sa Naha ha motho eo—
a. a sa hlotse a tshwaneleha;
b. ha a le siyo Sebokeng ka ntle ho tumello maemong ao ka ona melawana le ditaelo tsa Seboka di qosang tahlehelo ya botho;
c. dikgeo ha di hlahella Sebokeng sa Naha se tlatswe ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la ketsamelao.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome ya Molaotheo wa 2003 le karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mehlano ya Molaotheo wa 2008.]

Dikgeo tsa mosebetsi Sebokeng sa Naha ditshwanetse ho tlatswa ho latela molao wan aha.

48. Kano kapa boitlamo
Pele ditho tsa Seboka sa Naha di qala ho sebetsa Sebokeng di tlameha ho ikana kapa ho itlamela botshepehi Rephaboliking le ho ikokobetsa ka tlasa Molaotheo ho ya ka Shejulu 2.

49. Bolelele ba Seboka sa Naha
1. Seboka sa Naha se kgethelwa ho ba teng dilemo tse hlano.
2. Ha Seboka sa Naha se qhalwa ho ya ka karolo 50 kapa ha se fela, Mopresidente ka kgweletso, o lokela hore a phatlalatse le ho beha letsatsi la dikgetho le tlamehang ho tshwarwa matsatsing a 90 a mohla Seboka se qhadilweng ka yona kapa nako ya sona e fetile. Kgweletso e bitsang le ho beha letsatsi bakeng la kgetho e ka nehelwa pele kapa ka morao ho pheletso ya nako ya Seboka sa Naha.

[Karolwana (2) e fetotswe ke karolo 1 ya Molao 2 wa 1999.]

3. Ha sephetho sa dikgetho tsa Seboka sa Naha se sa phatlalatswe ka nako e badilweng ho latela karolo 190 kapa ha dikgetho di ka tsa qhelelwa thoko ke lekgotla, Mopresidente ka kgweletso, o lokela ho phatlalatsa le ho beha letsatsi la dikgetho tse tlamehang ho tshwarawa matsatsing a 90 ka mora nako eo kapa mohlang oo dikgetho di ileng tsa behelwa ka thoko.
4. Seboka sa Naha se dula se sebetsa ho tloha ka nako eo se qhalaneng ka yona kapa nako ya sona e feta, ho fihlela letsatsi pele ho letsatsi la pele la dikgetho la Seboka se latelang.

50. Ho qhalwa ha Seboka sa Naha pele ho nako e behilweng
1. Mopresidente a ka qhala Seboka sa Naha e bang—
a. Seboka se nkile qeto e tlamang ho qhaleha mme se tsheheditswe ke boholo ba ditho tsa sona; mme
b. ho se ho fetile dilemo tse tharo Seboka se kgethilwe.
2. Mopresidente ya tshwereng mokobobo o tshwanetse ho qhala Seboka sa Naha ebang—
a. ho hlahile sekgeo ofising ya Mopresidente; le
b. ha Seboka se sa kgethe Mopresidente e motjha pele ho feta matsatsi a 30 ho tloha ha sekgeo se hlahile.

51. Dikopano le dinako tsa phomolo
1. Ka mora dikgetho, kopano ya pele ya Seboka sa Naha e lokela ho dula nakong e itseng le ka letsatsi le beilweng ke Moahlodi e moholo empa e seng ka mora matsatsi a 14 a tsebiso ya sephetho sa dikgetho. Seboka sa Naha se ka ipehela nako le bolelele ba dikopano tse ding le di nako tsa kgefutso.

[Karolwana (1) e fetotswe ke karolo 1 Molao 34 wa 2001.]

2. Mopresidente a ka nna a bitsa kopano ya Seboka sa Naha e ikgethileng neng kapa neng feela ho tla tshohla merero e ikgethileng.
3. Dikopano tsa Seboka sa Naha di dumelletswe dibakeng tseo e seng dibaka tsa Palamente feela ho ya ka ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa ho lokela mme ha ho ngotswe melaong le ditaelong tsa Seboka.

52. Sepikara sa Palamente le motlatsi wa hae
1. Kopanong ya pele ka mora dikgetho kapa ha ho hlokeha ho tlatsa sekgeo, Seboka sa Naha se lokela ho kgetha Sepikara le Motlatsi wa hae ho ditho tsa sona.
2. Moahlodi e moholo o lokela ho ba modulasetulo wa kopano e kgethang Sepikara sa palamente kapa a thonye moahlodi e mong ho ba modulasetulo. Sepikara e ba modulasetulo ha ho kgethwa Motlatsi wa Sepikara.

[Karolwana (2) e fetotswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

3. Tsamaiso e bolelwang Karolong A ya Shejulu 3 e sebediswa ha ho kgethwa Sepikara le Motlasi wa hae.
4. Seboka sa Naha se ka tlosa Sepikara kapa Motlasi wa hae mosebetsing ka ho etsa qeto. Boholo ba ditho tsa Seboka bo lokela ho ba teng ha ho nkuwa qeto.
5. Ho ya ka melao le ditaelo, Seboka sa Naha se ka kgetha hara ditho tsa sona baduladitulo ba bang ho ka thusana le Sepikara le Motlatsi wa hae.

53. Diqeto
1. Ka ntle ha eba Molaotheo o hlalosa ka mokgwa o mong—
a. boholo ba ditho tsa Seboka sa Naha bo lokela ho ba teng ha ho kgethwa Bili kapa ha ho ba le phetolo ya Bili;
b. bonyane nngwe tharong ya ditho e lokela ho ba teng pele ho kgethwa morero ofe kapa ofe o ka Sebokeng; hape
c. dipotso tsohle tse Sebokeng di lokela ho nkelwa qeto ke bongata ba dikgetho tse entsweng.
2. Setho sa Seboka sa Naha seo e leng modulasetulo kopanong ya Seboka ha se na bolokolohi ba ho kgetha, empa—
a. se lokela ho etsa kgetho ya makgaolakgang ha ho na le palo ya bahanyetsi e lekanang ka mahlakoreng a mabedi; mme
b. a ka etsa kgetho ya tharollo moo qeto e lokelang ho nkuwa teng ka tshehetso ya dikgetho tsa pedi borarong tsa ditho.

54. Ditokelo tsa ditho tse itseng tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona Sebokeng sa Naha
Mopresidente le setho sefe kapa sefe sa Kabinete seo e seng setho sa Seboka sa Naha ba ka nna ba ba teng dikopanong tsa Seboka, ba bua, empa ba se kgethe.

[Karolo 54 e lokisitswe ke karolo 3 ya Molao 34 wa 2001.]

55. Matla a Seboka sa Naha
1. Ka ho sebedisa matla a sona a ho etsa molao, Seboka sa Naha se ka—
a. nahana, fetisa, fetola kapa sa qhelela thoko molao o beilweng pela Seboka;
b. qala kapa lokisetsa melao ka ntle ho di Bili tsa tjhelete.
2. Seboka sa Naha se lokela ho hlopisa mekgwa ya tshebetso—
a. ya ho hlokomela hore makala ohle a phethahatso a puso makaleng a mmuso a ikarabella ho sona; mme
b. ya ho tshehetsa tlhokomelo ya—
i. tshebediso ya matla a phethahatso setjhabeng mmoho le tshebedio ya molao; le
ii. lekala lefe kapa lefe la puso.

56. Bopaki kapa lesedi le fuwang Seboka sa Naha
1. Seboka sa Naha kapa e nngwe ya dikomiti tsa sona e ka—
a. bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki a ikanne kapa a itlamme kapa ho tla fana ka ditokomane;
b. kopa motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo ofe kapa ofe ho tlaleha ho ona;
c. qobella, ho ya ka molao wa naha kapa ka melawana le ditaelo, mang kapa mang kapa mokgatlo ho dumellana le pitso kapa dikopo ho ya ka serapa (a) kapa (b); le
d. ho amohela dikopo, boemedi kapa dipehelo ho tswa ho mang kapa mang ya nang kapa metheo e nang le kgahleho.

57. Ditlhophiso tsa kahare, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya Seboka sa Naha
1. Seboka sa Naha se ka—
a. lekanya le ho laola ditlhopiso tsa sona tsa lehae, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso; le
b. ho etsa melao le ditaelo mabapi le mesebetsi ho hlokometswe boemedi le ho sebetsa mmoho ka demokrasi, boikarabelo, ponaletso le ho kenya letsoho ha setjhaba.
2. Melao le ditaelo tsa Seboka sa Naha di lokela ho fana ka—
a. motheo, sebopeho, matla, mesebetsi, mekgwa ya tshebetso le nako ya ho ba teng ha dikomiti;
b. ho kenya letsoho ditsamaisong tsa Seboka le dikomiti tsa yona tsa mekga e teng e menyane e emetsweng Sebokeng ka tsela e tsamaelanang le demokrasi;
c. thuso ya tjhelete le ya taolo ho mokga o mong le o mong wa dipolotiki o emetsweng Sebokeng ho ya ka ho lekalekana ka boemedi ba tsona, ho dumella mokga o mong le o mong le moetapele wa yona ho phetha mesebetsi ya yona Sebokeng ka bokgabane; le
d. ho elellwa moetapele wa mokga o moholo wa kganyetso sebokeng jwalo ka Moetapele wa Kganyetso.

58. Monyetla
1. Ditho tsa Kabinete le ditho tsa Seboka sa Naha—
a. di na le bolokolohi ba ho bua Sebokeng le dikomiting tsa yona ho latela melao le ditaelo tsa sona; le
b. ha di tlangwe ke melao ya kahisano kapa ya bosenyi, ho tshwarwa, ho hlahlelwa tjhankaneng, kapa ditshenyo mabapi le—
i. eng kapa eng eo di e buileng, ya hlahiswa ka pela kapa ya fetisetswa Sebokeng kapa dikomiting dife kapa dife tsa sona; kapa
ii. eng kapa eng e senotsweng ka lebaka la se di se buileng, sa hlahiswa ka pela kapa ya fetisetswa Sebokeng kapa dikomiti dife kapa tsa sona.
2. Menyetla le diteballo tse ding tsa ditho tsa Seboka sa Naha tsa ditho tsa Kabinete le ditho tsa Seboka di ka ballwa ke molao wa naha.
3. Meputso, ditumello le melemo e nehwang ditho tsa Seboka sa Naha ke molato o tobaneng le Letlole la Lekeno la Naha.

59. Ho fihlella setjhaba le seabo Sebokeng sa Naha
1. Seboka sa Naha se lokela ho—
a. lokisetsa ho kenya letsoho ha setjhaba mesebetsing ya ho etsa melao le mesebetsi e meng ya Seboka le dikomiti tsa sona, hong le
b. tsamaisa morero wa sona ka tsela e bonahalang, e ba le dikopano ha mmoho le dikomiti tsa teng setjhabeng, empa mehato e utlwahalang e ka nkuwa—
i. ho laola ho fihlella setjhaba, ho kenyeletswa ho fihlellwa ha masedinyana Sebokeng le dikomiting tsa sona; le
ii. ho nehelana bakeng la hore motho e mong le emong a setjhwe mme moo ho loketseng teng, ho hanelwa ho kena kapa ho tloswa ha mang kapa mang.
2. Seboka sa Naha se keke sa qhelela ka thoko setjhaba ho kenyeleditswe masedinyana, ho tswa kopanong ya komiti ntle le ha e ba mabaka a utlwahala ho ka etsa jwalo setjhabeng sa demokrasi.

Lekgotla la Naha la diprovense

60. Sebopeho sa Lekgotla la Naha
1. Lekgotla la Naha la Diprovense le bopilwe ka baromuwa ba le bang ba leshome ba tswang provenseng ka nngwe.
2. Baromuwa ba leshome ke—
a. baromuwa ba bane ba kgethehilweng ,e leng—
i. Tonakgolo ya provense kapa ha Tonakgolo e le siyo setho sefe kapa sefe sa lekgotla la ketsamolao la provense eo se thontsweng ke Tonakgolo ho phethisa mesebetsi e akaretsang kapa e itseng ya Lekgotla la Naha la Diprovense; le
ii. ditho tse ding tse tharo tse kgethehileng; mmoho le
b. ditho tse tsheletseng tse sebetsang moo ka botlalo di thontswe ho latela dipehelo tsa karolo 61(2).
3. Tonakgolo ya provense kapa ha Tonakgolo a le siyo, setho se seng sa boromuwa ba provense se thontsweng ke Tonakgolo, se lokela ho etella baromuwa ba provense pele.

61. Kabo ya baromuwa
1. Mekga e emetsweng lekgotleng la ketsamolao la provense e na le tokelo ya ho ba le baemedi hara baromuwa ba provense eo jwalo ka ha ho hlalositswe Karolong B ya Shejulu 3.
2. a. Matsatsi a 30 ka mora ho phatlalatswa ha sephetho sa dikgetho tsa lekgotla la ketsamolao, Lekgotla la ketsamolao la Provense le tshwanetse ho—
i. ho hlwaya, ho ipapisitswe le molao wa naha, palo ya barongwa ba mokga ka mong ba tloba barongwa ba ka mehla le hore ke palo e kae ya ba tlo ba barongwa ba ikgethileng;
ii. kgetha barongwa ba ka mehla ho latela ho thongwa ha mekga.
b. …….

[Serapa (b) se tlohetswe ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mene ya Molaotheo wa 2008.]

[Karolwana (2) ya karolo 1 ya Molao wa tokiso ya borobong ya Molaotheo wa 2002 le ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mene ya Molaotheo wa 2008.]

3. Molao wa naha o hlalositsweng karolwaneng (2)(a) o tshwanetse ho etsa bonnete ba seabo sa mekga e menyane ho barongwa ba ka mehla le ba ikgethileng ka mokgwa o tsamisanang le demokrasi.
4. Lekgotla la ketsamolao ha mmoho le Tonakgolo le baetapele ba mekga ba lokela ho fumana baemedi ba ikgethileng boemeding ba provense, ba lokela ho ba baemedi ba thontsweng jwalo ka ha ho hlokeha ka mehla ho tswa ho ditho tsa lekgotla la ketsamolao.

62. Baromuwa ba ka mehla
1. Motho ya thontsweng ho ba moromuwa wa ka mehla o tlamehile ho kgethelwa ho ba setho sa lekgotla la ketsamolao la provense.
2. Ha motho eo e leng setho sa lekgotla la ketsamolao la provense a thonywa ho ba moromuwa wa ka mehla, motho eo o kgaotsa ho ba setho sa lekgotla la ketsamolao.
3. Baromuwa ba ka mehla ba thonyetswa nako e felang—
a. hang pele ho kopano ya pele ya lekgotla la ketsamelao la provense ka mora dikgetho tse latelang tsa teng.
b. …

[Serapa (b) e tlohetswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mene ya Molaotheo wa 2008.]

[Karolwana (3) e lokisitswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya borobong ya Molaotheo wa 2002 le ho lokisitswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e mene ya Molaotheo wa 2008.]

4. Motho o kgaotsa ho ba moromuwa wa ka mehla ha eba motho eo—
a. a kgaotsa ho kgethelwa ho ba setho sa lekgotla la ketsamolao ka mabaka a mang le a mang ntle ha eba a thonyeditswe ho ba moromuwa wa ka mehla;
b. a thonyeditswe ho ba setho sa Kabinete;
c. a se a sa tshetjwe ke lekgotla la ketsamolao la provense mme a bitswe hape ke mokga o mo thontseng ho ba setho sa ka mehla; kapa
d. a kgaotsa ho ba setho sa mokga o thontseng motho eo mme a bitswa ke mokga oo; kapa
e. a le siyo Lekgotleng la Naha la Diprovense ka ntle ho tumellano mabakeng ao melao le ditaelo tsa Lekgotla di hlalosang ho se be setho e le moromuwa wa ka mehla.
5. Dikgeo tse hlahang hara baromuwa ba ho ya ho ile di lokela ho kwalwa ka mokgwa o bolelwang ke molao wa naha.
6. Pele baromuwa ba ka mehla ba sebetsa Lekgotleng la Naha la Diprovense, ba lokela ho ikana kapa ho itlama hore ba tla tshepahala Rephaboliking ba be ba ikokobelletse Molaotheo jwalo ka ha ho ngotswe Shejulung 2.

63. Dikopano tsa Lekgotla la Naha
1. Lekgotla la Naha le ka ikgethela nako le bolelele ba nako ba dikopano tsa lona le dinako tsa kgefutso.
2. Mopresidente a ka nna a bitsetsa Lekgotla la Naha la Diprovense kopanong e ka thoko neng kapa neng hore ho tshohlwe merero e kgethehileng.
3. Dikopano tsa Lekgotla la Naha la Diprovense di dumelletswe ho ka tshwarelwa kae kapa kae ka ntle ho Palamenteng ka lebaka la ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa moo ho tshwanelehang, le ebang ho ka ba le nehelano ho ya ka melao le ditaelo tsa Lekgotla.

64. Modulasetulo le Batlatsi ba modulasetulo
1. Lekgotla la Naha la Diprovense le lokela ho ikgethela modulasetulo le Batlatsi ba modulasetulo hara baromuwa.
2. Modulasetulo le e mong wa Motlatsi wa modulasetulo ba kgethwa hara baromuwa ba ka mehla dilemo tse hlano ka ntle ha eba nako ya bona ya boromuwa e fela pele ho nako.
3. Motlatsi wa modulasetulo e mong o kgethelwa selemo se le seng feela mme o lokela ho hlahlangwa ke boromuwa ba provense e nngwe e le hore provense ka nngwe e na le boemedi le yona.
4. Moahlodi e moholo o lokela hore e be modulasetulo ha ho kgethwa Modulasetulo kapa a thonye moahlodi e mong ho sebetsa jwalo. Modulasetulo e ba modulasetulo ha ho kgethwa Batlatsi wa modulasetulo.

[Karolwana (4) e lokisitswe ke karolo 5 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

5. Mokgwa wa ho sebetsa o hlophisitsweng karolong A ya Shejulu 3 o sebetsa le kgethong ya Modulasetulo le Motlatsi wa modulasetulo.
6. Lekgotla la Naha le ka nna la tlosa Modulasetulo kapa Motlatsi wa modulasetulo maemong a hae.
7. ho latela melao le ditaelo, Lekgotla la Naha la Diprovense le ka nna la kgetha ho barongwa badulasetulo ho ka thusa modulasetulo le Motlatsi wa hae.

65. Diqeto
1. Ntle le ha Molaotheo o hlalosang ka mokgwa o mong—
a. provense ka nngwe e na le kgetho e le nngwe feela mme e etsetswa provense ke moetapele wa baromuwa ba yona; hape
b. dipotso tsohle tseo ho buisanwang ka tsona Lekgotleng la Naha di a dumellwa ha bonyane diprovense tse hlano di kgethela kamohela ya tsona.
2. Molao wa Palamente o fetisitsweng ka mokgwa o hlaloswang ke karolwana (1) kapa karolwana (2) ya karolo 76, mme o lokela ho lokisetsa tsamaiso e tshwanang eo ka yona makgotla a ketsamolao a diprovense a nehang baromuwa ba ona matla a ho ka kgetha boemong ba ona.

66. Ho ba le seabo ha ditho tsa lekgotla la phethahatso
1. Ditho tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona ba ka ba teng mme ba ka ba ba bua ka Lekgotleng la Naha la Diprovense empa ba ke ke ba kgetha.
2. Lekgotla la Phethahatso la Diprovense le ka kopa setho sa Kabinete, Motlatsi wa Letona kapa mosebeletsi wa mmuso lekgotleng la phethahatso la setjhaba la provense ho ba teng kopanong ya Lekgotla kapa komiting ya Lekgotla.

67. Ho ba le seabo ha baemedi ba mmuso wa selehae
Baemedi ba nakwana ba sa feteng leshome ba thontsweng ke mmuso o hlophisitsweng wa selehae, ho ya ka karolo 163, ho emela mafapha a mmasepala, ba ka ba le seabo e bang ho hlokeha dipuisanong tsa Lekgotla la Naha la Diprovense empa ba ke ke ba kgetha.

68. Matla a Lekgotla la Naha
1. Ha e sebedisa matla a yona a ho etsa molao, Lekgotla la Naha la Diprovense le ka—
a. nahana, fetisa, fetola, eletsa hore ho etswe phetoho kapa la qhelela thoko molao o entsweng Lekgotleng ho ya ka Kgaolo ena; hape
b. qapa kapa ho hlophisetsa molao o entsweng o ka sebediswang jwalo ka ha o ngotswe Shejulung 4 kapa molao o entsweng o mong oo ho bolelwang ka ona karolong 76 (3) , empa o ke ke wa qapa kapa wa hlophisa Dibili tsa tjhelete.

69. Bopaki kapa lesedi le Lekgotleng la Naha
1. Lekgotla la Naha la Diprovense kapa e nngwe ya dikomiti tsa lona e ka—
a. bitsa mang kapa mang ho tla hlahela ka pela lona a tlo fana ka bopaki a ikanne kapa a itlamme kapa a tlo fana ka ditokomane;
b. qosa mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho ofe kapa ofe ho tlaleha ho lona;
c. qobella, ho ya ka molao wa naha kapa ka melao le ditaelo, motho ofe kapa ofe ho dumellana le ho hlahella lekgotleng la dinyewe ho ya ka dipehelo tsa temana (a) kapa (b) ; le
d. ho amohela ditletlebo, boemedi kapa dipehelo tsa motho ofe kapa ofe ya nang le kgahleho kapa metheo.

70. Ditlhophiso tsa ka hare, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya Lekgotla la Naha
1. Lekgotla la Naha la Diprovense le ka—
a. hlwaya le ho laola ditlhophiso tsa ka hare, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya lona; le
b. ho etsa melao le ditaelo tse tobaneng le merero ya yona ho ntse ho hlokometswe boemedi le ho kenya letsoho ka demokrasi, boikarabelo, ho hlahisa ditaba pepeneneng le ho sebetsa ha setjhabeng.
2. Melao le ditaelo tsa Lekgotla la Naha la Diprovense le tshwanetse ho lokisetsa—
a. ho thehwa, sebopeho, matla, mesebetsi, ditsamaiso le bolelele ba nako ba dikomiti tsa lona;
b. ho sebetsa ha diprovense kaofela ditsamaisong tsa lona ka mokgwa o tshwanelang demokrasi; le
c. ho kenya letsoho ditsamaisong tsa Lekgotla, dikomiting, le mekgeng yohle ya dipolotiki e menyenyane e emetsweng Lekgotleng ka moo demokrasi e tshwanelang ho tsamaiswa ka teng ha taba e tlamehile hore ho etswe qeto ka yona ho ya ka karolo 75.

71. Monyetla
1. Baromuwa ba Lekgotla la Naha la Diprovense le bohle bao ho hlalositsweng ka bona karolong 66 le 67—
a. ha ba le ka Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona ba na le bolokolohi ba ho bua, feela ba bolokile melao le ditaelo tsa lona; hape
b. ba ke ke ba qoswa makgotleng a baahisani kapa a bosenyi ka lebaka la seo ba se buileng kapa ba se hlahisang kapa ba fana ka sona Lekgotleng kapa dikomiting dife kapa dife tsa lona, kapa—
i. seo ba se buileng, ba se hlahisitseng pejana kapa ba faneng ka sona, Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona; kapa
ii. ho senolotsweng ka lebaka la seo ba se boletseng ba se hlahisitseng pejana kapa ba faneng ka sona Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona.
2. Menyetla le ditokollo tsa Lekgotla la Naha la Diprovense, baromuwa Lekgotleng le batho ba hlalositsweng karolo 66 le 67, ba ka ballelwa ka molao wa Naha.
3. Meputso, ditlhapiso le melemo e lefuwang ditho tsa ka mehla tsa Lekgotla la Naha la Diprovense di tswa Letloleng la Lekeno la Naha.

72. Ho fihlella setjhaba le ho ba le seabo Lekgotleng la Naha
1. Lekgotla la Naha la Diprovense le lokela ho—
a. nolofatsa ho ba le seabo ha setjhaba ditshebetsong tsa ho etsa molao tsa Lekgotla le dikomiti tsa lona; le ho
b. phethisa merero ya lona ka mokgwa o se nang lekunutu le be le tshware dikopano tsa lona le tsa dikomiti tsa lona pepeneneng—
i. ho laola phihlello ya setjhaba mmoho le masedinyana Lekgotleng le dikomiting tsa lona;
ii. le be le lokisetse ho hlahlojwa mmeleng ha mang kapa mang mme ha ho hlokahala ho hanela motho ho kena kapa ho mo ntsha dikopanong.
2. Lekgotla la Naha la Diprovense le ke ke la kgetholla setjhaba le masedinyana kopanong ya komiti ka ntle haeba e lokile mme e nepahetse ponaletsong le setjhabeng sa demokrasi.

Tsamaiso ya Ketsamolao ya Naha

73. Dibili tsohle
1. Bili efe kapa efe e ka hlahiswa Sebokeng sa Naha.
2. Ke feela setho sa kabinete kapa Motlatsi wa Letona kapa setho kapa komiti ya Seboka sa Naha se ka hlahisang Bili ka Sebokeng, empa ka setho sa Kabinete se ikarabellang ho tsa ditjhelete tsa Naha se ka hlahisang Bili tse latelang tsa tjhelete Sebokeng:
a. Bili ya tjhelete; kapa
b. Bili e nehelanang ka molao o hlahellang karolong 214.

[Karolwana (2) e lokisitswe ke karolo 1(a) ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

3. Bili e hlaloswang karolong 76(3) e ka tsebiswa Lekgotleng la Naha la Diprovense ntle le Bili eo ho buang ka yona karolwaneng (2)(a) kapa (b) ya karolo ena, e ka tsebiswa Lekgotleng la Naha la Diprovense.

[Karolwana (3) e lokisitswe ke karolo 1(b) ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

4. Ke feela setho kapa komiti ya Lekgotla la Naha la Diprovense le ka hlahisang Bili Lekgotleng.
5. Bili e fetisitsweng ke Seboka sa Naha e lokela ho lebiswa Lekgotleng la Naha la Diprovense haeba e lokela ho tshohlwa ke Lekgotla. Bili e fetisitsweng ke Lekgotla e lokela ho lebiswa Sebokeng.

74. Dibili tse fetolang Molaotheo
1. Karolo 1 le karolwana ena di ka fetolwa ka Bili e fetisitsweng ke—
a. Seboka sa Naha le kgetho e tshehetsang ya bonyane diphesente tse 75 ya ditho tsa sona; le
b. Lekgotla la Naha la Diprovense ka kgetho e tshehetsang ya bonyane diprovense tse tsheletseng.
2. Kgaolo 2 e ka fetolwa ho ya ka Bili e fetisitsweng—
a. Lekgotla la Naha ka tshehetso ya kgetho ya bonyane peditharong ya ditho tsa yona; le
b. Lekgotla la Naha la Diprovense ka tshehetso ya kgetho ya diprovense tse tsheletseng.
3. Pehelo efe kapa efe ya Molaotheo e ka fetolwa ka Bili e fetisitsweng—
a. ke Seboka sa Naha ka tshehetso ya kgetho ya bonyane peditharong ya ditho tsa yona; le
b. ka lekgotla la Naha la Diprovense ka tshehetso ya kgetho ya bonyane diprovense tse tsheletseng, haeba phetolo e—
i. amana le taba e tsamaelanang le Lekgotla;
ii. e fetola meedi ya provense, matla, mesebetsi kapa mekgatlo; kapa
iii. e fetola dipehelo tse sebetsanang le ditaba tsa provense ka ho toba.
4. Bili e fetolang Molaotheo e ke ke ya kenya dipehelo ka ntle ho diphetolo tsa Molaotheo le ditaba tse tsamaelanang le diphetoho.
5. Bonyane matsatsi a 30 pele Bili e fetolang Molaotheo e hlahiswa ho ya ka karolo ya 73 (2), motho kapa komiti e ikemiseditseng ho hlahisa Bili e lokela ho—
i. phatlalatsa Gazeteng ya Mmuso ya Naha, le ho ya ka melao le ditaelo tsa Seboka sa Naha boitsebiso ba phetolo e hlahisitseng hore e tshohlwe ke setjhaba;
ii. nehela, ho ya ka melao le ditaelo tsa Seboka, dintlha tseo ho lekgotla la ketsamolao la provense hore ba hlahise maikutlo; le
iii. nehela, ho ya ka melao le ditaelo tsa Lekgotla la Naha la Diprovense dintlha tsa Seboka hore di buisanwe haeba phetolo e sisintsweng ha se phetolo e hlokang ho fetiswa ke Lekgotla.
6. Ha Bili e fetolang Molaotheo e hlahiswa, motho kapa komiti e hlahisang Bili e lokela ho nehela ditlhahiso tse ngotsweng dife kapa dife tse fumanweng ho tswa setjhabeng le makgotleng a ketsamolao a provense—
i. ho Sepikara sa palamente se behileng ditaba Sebokeng sa Naha; le
ii. ho ya ka diphetolo tseo ho builweng ka tsona karolwaneng (1), (2) kapa (3)(b) ho Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovense ka ho beya ditaba Lekgotleng.
7. Bili e fetolang Molaotheo e keke ya bewa ho kgethwa Sebokeng sa Naha matsatsing a 30 a—
i. ho hlahiswa ha yona, haeba Seboka se dutse ha Bili e hlahiswa.
ii. ho tekwa ha yona Sebokeng, haeba Seboka se phomotse ha Bili e hlahisitswe.
8. Haeba bili e hlalositsweng karolwaneng (3)(b), kapa karolo efe kapa efe ya Bili, e ama provense e itseng kapa diprovense, Lekgotla la Naha la Diprovense le ke ke la fetisa Bili kapa karolo e nepahetseng ka ntle le: haeba e amohetswe ke lekgotla la ketsamolao kapa makgotla a ketsamolao a provense kapa diprovense tse amehang.
9. Bili e fetolang Molaotheo o fetisitsweng ke Seboka sa Naha le moo e ka sebetsang, ke Lekgotla la Naha la Diprovense e lebiswe ho Mopresidente ho e ananela.

75. Dibili tse tlwaelehileng tse sa ameng diprovense
1. Ha Seboka sa Naha se fetisa Bili e welang ka thoko ho dibaka tsa tshebetso tse badilweng Shejulung 74 kapa 76, Bili eo e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Naha la Diprovense mme e sebetswe ka mokgwa ona:
a. Lekgotla le lokela ho—
i. fetisa Bili eo;
ii. fetisa Bili mme e fetolwe ho ya ka ditshisinyo tsa yona; kapa
iii. Bili eo e qhelelwe ka thoko.
b. Ha Lekgotla le fetisa Bili ntle ho ho sisinya diphetoho tsa Bili, Bili e fetisetswe ho Mopresidente hore a e ananele.
c. Ha Lekgotla le qhelela Bili thoko kapa le e fetisa empa e batla diphetolo pele Seboka sa Naha se lokela ho boela se tshohla Bili eo e kentse phetolo e sisintsweng ke Lekgotla, e be e—
i. Bo ele e fetise Bili eo hape, e ka ba ka kapa ka ntle ho diphetolo; kapa
ii. etse qeto ya ho se tswelle pele ka Bili eo.
d. Bili e fetisitsweng ke Seboka sa Naha ho ya ka dipehelo tsa temana ya (c), e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
2. Moo Lekgotla la Naha la Diprovense le kgetha taba ho ya ka karolo ena, karolo 65 ha e sebetse; bakeng sa hoo—
a. moromuwa ka mong wa baromuwa ba provense o na le kgetho e le nngwe;
b. karolo e le nngwe ho tse tharo tsa baromuwa ba lokela ho ba teng pele ho ka kgethwa taba eo; mme
c. taba e kgaolwa ka boholo ba palo ya dikgetho tse entsweng, empa ha ho na le dikgetho tse lekanang mahlakoreng a mabedi, moromuwa eo e leng modulasetulo a ka etsa kgetho e tla rarolla mathata.

76. Dibili tse tlwaelehileng tse amang diprovense
1. Ha Seboka sa Naha se fetisa Bili eo hlalositseng karolwaneng (3), (4) kapa (5), Bili eo e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Naha la Diprovense mme e sebetswe ka mokgwa ona:
a. Lekgotla le lokela ho—
i. fetisa Bili;
ii. fetisa Bili e fetotsweng; kapa
iii. qhelela Bili ka thoko.
b. Haeba Lekgotla le fetisa Bili e sa fetolwa, Bili e lokela hore ho fanwe ka yona ho Mopresidente hore a e amohele.
c. Haeba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Naha mme ha Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
d. Ha Lekgotla le qhelela thoko Bili, kapa ha Lekgotla le hana ho fetisa Bili e fetotsweng e isitsweng ho yona ho ya ka dipehelo tsa serapa (c), le moo ho lokelang, Bili e fetotsweng, e lokela ho fetisetswa Komiting ya Bonamodi, e ka dumellana ka—
i. Bili e le jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla;
ii. Bili e fetotsweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka; kapa
iii. tlhahiso e nngwe ya Bili.
e. Ha Komiti ya Bonamodi e sa dumellane ka matsatsi a 30 ho tloha mohla Bili e fetisitsweng ka ona, bili eo e a thisa ka ntle le haeba Seboka se fetisa Bili, empa Bili e lokela ho iswa ho Mopresidente hore a e ananele.
f. Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka Bili e le jwalo ka ha e fetisetswa ke Lekgotla la Naha, Bili e lokela ho fetisetswa Sebokeng sa Naha mme ha seboka se ka fetisa Bili, Bili e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
g. Ha Komiti ya Bonamodi e ka dumellana ka Bili e fetotsweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka sa Setjhaba, mme ha e fetisitswe ke Seboka e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
h. Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka tlhahiso e nngwe ya Bili, tlhahiso eo ya Bili e lokela ho fetisetswa Lekgotleng le Sebokeng, e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
i. Ha Bili e lebisitswe Sebokeng ho ya ka dipehelo tsa serapa (f) kapa (h) e sa fetiswe ke Seboka, Bili eo e qhelelwa ka thoko ntle le haeba Seboka se fetisa Bili ka tshehetso ya bonyane pedi tharong ya ditho tsa yona.
j. Haeba Bili e lebisitsweng ho Seboka ho ya ka serapa (g) kapa (h) ha e a fetiswa ke Seboka, Bili eo e fellwa ke nako, empa Bili jwalo ka ha e fetisitswe qalong ke Seboka e ka fetiswa hape ke Seboka, empa ka tshehetso ya bonyane pedi tharong ya ditho.
k. Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka serapa (e), (i) kapa (j) e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
2. Ha Lekgotla la Naha la Diprovense le fetisa Bili e lebisitsweng karolwaneng ya (3), Bili e lokela ho lebiswa ho Seboka sa Naha mme e sebetswe ho ya ka mokgwa o latelang:
a. Seboka se lokela ho—
i. fetisa Bili;
ii. fetisa Bili e fetotsweng; kapa
iii. qhelela Bili ka thoko.
b. Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka serapa (a)(i) e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
c. Ha Seboka se fetisitse Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lebiswe Lekgotleng, mme haeba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
d. Haeba Bili e a hanwa, kapa haeba Lekgotla le hana ho fetisa Bili e lebisitsweng ho ya ka serapa (c), Bili le, moo e ka sebediswang, e ka fetolwa le yona Bili mme e lebiswe Komiting ya Bonamodi, e ka dumelang ka—
i. Bili e fetisitsweng ke Lekgotla;
ii. Bili e fetotsweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka; kapa
iii. kgatiso e nngwe ya Bili.
e. Haeba Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lokela ho lebiswa Sebokeng, mme ha e ba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehellwa Mopresidente ho e ananela.
f. Ha Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lebiswe Sebokeng, mme haeba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehelwa Mopresidente a e ananele.
g. Haeba Komiti ya Bonamodi e dumela ka ho fetolwa ha Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lebiswe Lekgotleng, mme haeba e fetisitswe ke Lekgotla, e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
h. Haeba Komiti ya Bonamodi e dumela ka kgatiso e nngwe ya Bili, Kgatiso eo ya Bili e lokela ho lebiswa Lekgotleng le Sebokeng, mme haeba e fetisitswe ke Lekgotla la Seboka, e lokela ho nehelwa Mopresidente a e ananele.
i. Haeba Bili e lebisitswe Sebokeng ho ya ka serapa (f) kapa (h) ha e fetiswe ke Seboka, Bili e fellwa ke nako.
3. Bili e tshwanetse e sebetswe ho latela mokgwa o entsweng karolwaneng (1) kapa (2) e bang e le ka tlasa tshebetso ya shejule 4 kapa e nehelana bakeng la molao o nahannweng dikarolong tse latelang:
a. karolo 65(2);
b. karolo 163;
c. karolo 182;
d. karolo 195(3) le (4);
e. karolo 196; le
f, karolo 197.
4. Bili e lokela ho sebetswa ka mokgwa o hlaloswang ke karolwana (1) e bang e nehelana bakeng la molao—
a. o nahannweng karolong 44 (2) kapa 220 (3) kapa
b. o nahannweng Kgaolong 13 o akgang nehelano e amang ditabatabelo tsa ditjhelete tsa mmuso wa provense.

[Serapa (b) se fetotswe ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya leshome le motso o le mong ya Molaotheo wa 2003.]

5. Bili eo ho nahannweng ka yona karolong 42(6) e lokela ho sebetswa ho ya ka mokgwa o thehilweng wa karolwana (1) ntle le haeba—
a. ha Seboka sa Naha se kgetha Bili, dipehelo tsa karolo 53(1) ha di sebetse; empa, Bili e ka fetiswa ke boholo ba ditho tsa Seboka tse entseng kgetho mabapi le yona; le
b. haeba Bili e lebisitswe Komiting ya Bonamodi, melao e latelang e a sebetsa:
i. Haeba Seboka sa Naha se nahana ka Bili e nahannweng karolwaneng (1)(g) kapa (h), Bili eo e ka fetiswa ke boholo ba ditho tsa Seboka ka kgetho mabapi le yona.
ii. Haeba Seboka sa Naha se nahana Bili e nahannweng karolwaneng (1)(e), (i) kapa (j), Bili eo e ka fetiswa ha feela pedi tharong ya ditho tsa Seboka ka kgetho mabapi le yona.
6. Karolo ena ha e sebetse Dibiling tsa tjhelete.

77. Dibili tsa tjhelete
1. Bili e ba Bili ya tjhelete e bang e—
a. aba tjhelete;
b. batla lekgetho kapa ditlameho;
c. fedisa kapa e fokotsa kapa ho nehelana ka tlohelo ho tswa lekgethong kapa ditlamehong;
d. nehelana ka tefelliso kgahlano le Letlole la Letlotlo la Naha, ntle le Bili e hlaloswang karolong 214 e nehelanang ka tefelliso.
2. Bili ya tjhelete e ke se sebetsane le dintlha tse ding ntle le—
a. ha ho na le ntlha e ka tlasa kabo ya tjhelete;
b. ho fediswa, ho behwa kapa ho fokotswa ha lekgetho, ditefello kapa ditlameho;
c. ho nehelana ka tlohelliso ya lekgetho la naha, ditefello kapa ditlamo;
d. ho dumella tefelliso kgahlano le Letlotlo la Lekeno la Naha.
3. Dibiili tsa tjhelete di lokela ho tshohlwa ka mokgwa o behilweng karolong 75. Molao wa Palamente o lokela ho nehela mokgwa wa ho fetola Dibili tsa tjhelete ka pela Palamente.

[Karolo 77 e lokisitswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

78. Komiti ya Bonamodi
1. Komiti ya Bonamodi e bopilwe ka—
a. ditho tse robong tsa Seboka sa Naha se kgethilweng ke Seboka ka mokgwa o behilweng ke melao le ditaelo tsa seboka e le o etsang hore mekga e emelwe ka ho lekana hara Seboka, mme
b. moromuwa a le mong ho tswa ho baromelwa ba provense ka nngwe ba lekgotleng la Naha la Diprovense, mme a thontswe ke baromuwa ba habo.
2. Komiti ya Bonamodi e tla be e dumellana ka tlhahiso ya bili kapa e entse qeto ka taba ha tlhahiso eo kapa lehlakore leo la taba le tshehetswa ka—
a. bonyane ke baemedi ba bahlano ba Seboka sa Naha; le
b. bonyane ke baemedi ba bahlano ba Lekgotla la Naha la Diprovense.

79. Kananelo ya Dibili
1. Mopresidente o lokela ho ananela, a be a tekene Bili e fetisitsweng ho ya ka dipehelo tsa Kgaolo ena, kapa ha Mopresidente a le lekgonono ka ho ba molaong ha Bili, a e kgutlisetse Sebokeng sa Naha hore e tle e tshohlwe hape.
2. Melao ya kopanelo le ditaelo di tshwanetse di nehelane ka mokgwa bakeng la ho nahanisiswa Bili botjha ke Seboka sa Naha le ho ba le seabo ha Lekgotla la Naha la Diprovense tsamaisong.
3. Lekgotla la Naha la Diprovense le lokela ho ba le seabo ha ho tshohlwa hape bili eo Mopresidente a e buseditseng Palamenteng e bang—
a. pelaelo ya Mopresidente ya ho ba Molaotheong ha Bili e lebisa ho ditaba tsa tsamaiso e kenyeletsang Lekgotla; kapa
b. karolo 74(1),(2) kapa (3)(b) kapa 76 o neng o sebediswa ho fetiseng Bili.
4. Haeba ka mora ho tshohlwa hape, Bili e akarelletsa dipehelo tsa Mopresidente, Mopresidente o lokela ho ananela a be a e tekene, ho seng jwalo, Mopresidente o lokela—
a. ho ananela a be a tekene Bili, kapa
b. a e lebise Lekgotleng la Molaotheo hore le etse qeto ka tumellano ya molao.
5. Ha Lekgotla la Molaotheo le etsa qeto ya hore Bili e dumellano le Molaotheo, Mopresidente o lokela ho ananela le ho e tekena.

80. Kopo ka ditho tsa Seboka sa Naha Lekgotleng la Molaotheo
1. Ditho tsa Seboka sa Naha di ka kopa Lekgotleng la Molaotheo hore taelo e hlalosang hore kaofela kapa karolo ya Molaotheo o fetisitsweng ke Seboka ha o dumellane le Molaotheo.
2. Kopo—
a. e lokela ho tshehetswa, bonyane ke nngwebobeding ya ditho tsa Seboka; le
b. ho etswa pele ho feta matsatsi a 30 ka mora hore Mopresidente a e ananele a be a e tekena e le Molao.
3. Lekgotla la Molaotheo le ka laela hore kaofela kapa karolo ya Molao oo ho tsekisanwang ka ona ho ya ka karolwana (1) ha e na matla ho fihlela lekgotla le e tsa qeto ka kopo e bang—
a. tabatabelo ya toka e hloka hona; mme
b. kopo e na le monyetla wa ho atleha.
4. Ha kopo e sa atlehe, Lekgotla la Molaotheo le ka laela hore bakopi ba lefe ditshenyehelo ha kopo e sa ka ya bontsha hore e ke ke ya atleha.

81. Phatlalatso ya Melao
Bili e ananetsweng ya ba ya tekenwa ke Mopresidente e fetoha Molao wa Palamente, mme e lokela ho phatlalatswa hanghang, e be e sebetse ha e se e phatlaladitswe kapa nakong e tlang ho ya ka dipehelo tsa Molao.

82. Poloko ya Melao ya Palamente
Kgatiso e tekennweng ya Molao wa Palamente ke bopaki bo felletseng ka dipehelo tsa Molao mme, ka mora phatlalatso, o tshepelwe Lekgotleng la Molaotheo hore le o boloke.