Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 14

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 14: Dipehelo ka Kakaretso

Molao wa matjhaba

231. Ditumellano tsa matjhaba
1. Ho tshohlwa le ho saenelwa ha ditumellano tsa matjhaba ke boikarabelo ba phethahatso ya naha.
2. Tumellano ya matjhaba e tlama Rephaboliki ha feela e se e ananetswe ke Seboka sa Naha se etsang molao le Lekgotla la Diprovense la Naha ka ho etsa tlamo. Ntle le ha e le tumellano ya mofuta o bolelwang karolwaneng (3).
3. Tumellano ya matjhaba ya mofuta wa setekgeniki, tsamaiso kapa phethahatso ya tlhaho kapa tumellano e sa hlokeng kananelo kapa kamohelo, e entsweng ke phethahatso ya naha e tlama Rephaboliki ntle le hore e ananelwe ke Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprovense empa e lokela ho hlahiswa Sebokeng sa Naha se etsang molao le Lekgotleng la Naha la Diprovense nako e sa le teng.
4. Tumellano efe kapa efe ya matjhaba e fetoha molao wa Rephaboliki ha e se e fetisitswe jwale ka molao wa naha empa pehelo e iphethahatsang ya tumellano e seng e ananetswe ke Palamente ke molao Rephaboliking ntle ha e le kgahlanong le Molaotheo kapa molao wa Palamente.
5. Rephaboliki e tlangwa ke ditumellano tsa matjhabatjhaba tse neng di tlama Rephaboliki pele Molaotheo o kenang tshebetsong.

232. Molao wa matjhaba o tlwaelehileng
Molao wa matjhaba o tlwaelehileng ke molao Rephaboliking ntle le ho sa dumellane le Molaotheo kapa molao wa Palamente.

233. Tshebediso ya Molao wa Matjhaba
Kutlwisiso ya molao ofe kapa ofe, lekgotla la dinyewe le leng le le leng le lokela ho ba le kutlwisiso e utlwahalang e tsamaelanang le molao wa matjhaba ho na le kutlwisiso e sa tsamaelanang le molao oo wa matjhaba.

Dintlha tse ding

234. Chata ya Ditokelo
Ho matlafatsa demokrasi e theuweng ke Molaotheo, Palamente e ka nka Chata ya Ditokelo e tsamaisanang le Molaotheo.

235. Boikemelo
Tokelo ya batho ba Afrika ka kakaretso ya ho ikemela jwalo ka ha ho hlalositswe Molaotheong ha e kgetholle ho ya ka mmeedi ya tokelo ho amohela monahano wa tokelo ya boikemelo ba setjhaba sefe kapa sefe se phelang ka setso le puo sebakeng se le seng ka hara Rephaboliki kapa ka tsela efe kapa efe jwalo ka ha molao wa naha o hlwaile.

236. Ho tshehetsa mekga ya dipolotiki ka tjhelete
Hore demokrasi ka mekga e mengata e tle e tswelle, molao wa naha o lokela ho thusa ka ditjhelete mekga ya sepolotiki e sebetsang mmoho makgotleng a molao a naha le provense ka mokgwa wa tekatekano.

237. Ho phethwa ha ditshwanelo ka tshebetso e matla
Ditshwanelo tsohle tsa molaotheo di lokela ho phethwa ka matla le ntle ho tieho.

238. Boetsetsi le boromuwa
1. Lekala la phethahatso la mmuso le karolo efe kapa efe ya mmuso e ka—
a. romela bolaodi bofe kapa bofe kapa mosebetsi o tlamehang ho phethwa kapa ho etswa ho ya ka dipehelo tsa molao wa lekala la phethahatso lefe kapa lefe la puso ka ntle haeba boromuwa bo tsepame le molao ho ya ka bolaodi bo ka phethwang kapa mosebetsi o entswe; kapa
b. phethisa bolaodi bofe kapa bofe kapa mosebetsi ofe kapa ofe mabapi le lekala la phethahatso la puso ka boetsetsi kapa boromuwa.

239. Ditlhaloso
1. Molaotheong, ntle le haeba sengolwa se hlalosa ka mokgwa o mong—
“molao wa naha” o akga—
a. molao o monyane o entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Palamente; le
b. molao o neng o sebediswa ha Molaotheo o sebetsa mme o laolwa ke mmuso wa naha;
“lekala la puso” e bolela—
a. lefapha lefe kapa lefe la puso kapa la tsamaiso ya naha, provense kapa mmuso wa selehae; kapa
b. mosebetsi ofe kapa ofe kapa mokgatlo—
i. ho phetha matla kapa ho etsa mosebetsi ho ya ka Molaotheo kapa molaotheo wa provense; kapa
ii. ho sebedisa matla a setjhaba kapa ho phetha mosebetsi wa setjhaba ho ya ka dipehelo tsa molao o mong le o mong empa e sa kenyeletse lekgotla la dinyewe kapa mosebeletsi wa molao;
“molao wa provense” o akga—
a. molao o monyane o entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa provense; le
b. molao o neng o sebediswa ha Molaotheo o sebetsa mme o laolwa ke taolo ke mmuso wa provense.

240. Ho se tshwane ha ditemana tse fapaneng
Moo ho nang le ho se tshwane mahareng a ditemana tsa Molaotheo, sengolwa sa Senyesemane ke se ka sehloohong.

241. Ditlhophiso tsa phetoho
Shejulu 6 e sebetsa ho fetoheng molaong wa motheo o motjha o thehilweng ke Molaotheo le taba e ka itlhahelang feela phetohong eo.

242. Ho hlakolwa ha melao
Melao e boletsweng Shejulung 7 e phumutswe ho ya ka karolo 243 le Shejulu 6.

243. Sehlooho se sekgutshwane le qaleho
1. Molao ona o bitswa Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 mme o tla sebetsa ka pelenyana feela mohla letsatsi le beilweng ke Mopresidente ka kgweletso mme e ke ke ya eba pele ho mohla 1 Phupu 1997.
2. Mopresidente a ka beha matsatsi a fapaneng pele ho mohla o boletsweng karolwaneng (1) ho ya ka dipehelo tse fapaneng tsa Molaotheo.
3. Ntle le haeba sengolwa se hlalosa ka tsela e nngwe, tlhaloso pehelong ya Molaotheo ho fihlela ha Molaotheo o sebediswa o nkuwe o bolela nako eo pehelo eo e sebedisitsweng ka yona.
4. Haeba ho behilwe letsatsi le leng mabapi le pehelo e itseng ya Molaotheo ho ya ka karolwana (2), pehelo efe kapa efe e tshwanang le ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ya 1993 (Molao wa 200 wa 1993), o boletsweng kgeletsong, o phumutswe ho tloha ka letsatsi le tshwanang le leo.
5. Dikarolo tsa 213, 214, 215, 216, 218, 226, 227, 228, 229, le 230 di sebediswa ka 1Pherekgong 1998, mme hona ha ho kgetholle ho phethwa ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo wa molao o lebeletsweng ho dipehelo tseo pele ho letsatsi leo. Pele ho letsatsi leo dipehelo tse tshwanang le tsa sewelo tsa Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1993, o tla nne o sebetse.