Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Shejulu 4

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Shejulu 4: Dibaka tsa Tshebetso tsa Bokgoni le Tshebedisano ya Setjhaba le Bokgoni ba Molao wa Provense

Karolo A

  • Taolo ya meru ya naha
  • Temo
  • Boemafofane boo e seng ba matjhaba le ba naha
  • Tlhokomelo ya diphoofolo le mafu
  • Dikhasino, dipeiso, ho bapala ka lotho, ntle ho dilothari le dipapadi tsa matlole
  • Tshireletso ya bareki
  • Ditaba tsa setso
  • Taolo ya dikoduwa
  • Thuto mafapheng ohle, ntle le thuto ya ditheo tse phahameng
  • Tikoloho
  • Ditshebeletso tsa bophelo bo botle
  • Kabo ya matlo
  • Molao wa setso le wa meetlo ho sebetswa ho latela Kgaolo 12 ya Molaotheo
  • Kgothaletso ya Diindasteri
  • Leano la puo le taolo ya dipuo tsa semmuso ka moo dipehelo tsa karolo 6 ya Molaotheo e fang lekgotla la ketsamolao la diprovense matla a ho etsa molao
  • Ditshebeletso tsa phatlalatso tse laolwang ka ho otloloha kapa di nehelwa ke mmuso wa provense, ho ya ka karolo 192
  • Tshireletso ya tlhaho, ntle ho dirapa tsa tlhaho, dirapa tsa dimela tsa naha, le mehlodi e fumanehang mawatleng
  • Sepolesa ka moo dipehelo tsa Kgaolo 11 ya Molaotheo e fileng lekgotla la ketsamolao la provense matla ka teng
  • Taolo ya tshilafalo
  • Tswelopele ya baahi
  • Ditefello tsa ho falliswa ha thepa
  • Dikgwebo tsa mebuso ya diprovense tse mabapi le dibaka tsa tshebetso tse Shejulung ena le Shejulung 5
  • Dipalangwang tsa setjhaba
  • Mesebetsi ya setjhaba mabapi le ditlhoko tsa mafapha a mebuso ya diprovense phethisong ya boikarabelo ba ona ba ho tsamaisa mesebetsi ya ona e balletsweng yona ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo kapa tsa molao o mong feela
  • Maano le ntshetsopele ya mabatowa
  • Taolo ya sephethephethe mebileng
  • Poloko ya mobu
  • Bohahlaudi
  • Kgwebisano
  • Boetapele ba setso ho ya ka taolo ya Kgaolo 12 ya Molaotheo
  • Ntshetsopele ya mahaeng le ditoropong
  • Ho lefellwa ha dilaesense tsa dipalangwang
  • Ditshebeletso tsa thekolohelo


Karolo ya B
Merero e latelang ya mebuso ya metse ho ya ka moo karolo 155(6)(a) le (7) e hlalosang ka teng:

  • Tshilafatso ya moya
  • Melao ya kaho
  • Dibaka tsa tlhokomelo ya bana
  • Phano ya motlakase le kgase
  • Ditshebetso tsa ditimamollo
  • Bohahlaudi ba selehae
  • Boemafofane ba masepala
  • Leano la masepala
  • Ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mmasepala
  • Dipalangwang tsa setjhaba tsa masepala
  • Ditshebeletso tsa setjhaba tse matleng a masepala tse tobaneng le boikarabelo ba masepala phethisong ya mesebetsi eo ba e abetsweng ka Molaotheo ona kapa tlasa molao o mong
  • Dikepe, dikepe tsa diferi, dijeti, boemakepe le dikou ho sa kenyeletswe molao wa botjhaba le wa naha le ditaba tse tsamaelanang le tseo
  • Tlhokomelo ya dikgohola metseng
  • Melao ya kgwebisano
  • Metsi le ditshebelletso tsa dikgwerekgwere le ho falliswa ha metsi a ditshila